Rebuletswe Apostolic Church in Christ

Rebuletswe Apostolic Church in Christ Rebuletswe Apostolic Church in Christ is a religious organization for youth and elders operating under department of social development

16/12/2023

Hallelujah, mdumiseni
Mbongeni njalo
Yena UnguJehovah ophilayo
Kunaphakade🙏

22/11/2023

Ha ke ne ke itshela ka dikgapha,
Ke phatloha ke letsoalo,
Jesu a mpona, a ba a ntshibolla,
A mphedisa, a mpha le kgotso.
Ke kgotso ya Jesu,
E fetang le kutlo ya motho

'Me esale, le joale 'a bojoale,
Ke tsamaya ka nyakallo;
Tsa lefatshe ha ke di belaelle,
Moy’a ka o kgotshe ke kgotso,
Ke kgotso ya Jesu ...

Leha ke tetema, ke rerekela,
Ke atetswe ke meleko,
Bohareng ba ka ke ntse ke iketla,
Ka mehla, ka mehla ke kgotso.
Ke kgotso ya Jesu ...

Leha ke lla, ke ferekane pelo,
Ke thibane mehopolo,
Sera se nteka habohloko-hloko,
Moy'a ka o nts'o na le kgotso.
Ke kgotso ya Jesu ...

Ke monyaka wa ka ditshiu tsohle;
Ke fatsheng la matshwenyeho,
Bofumeng, lefung, ha ke belaele,
Ke kgotso e tletseng, ke kgotso,
Ke kgotso ya Jesu ...

Sefela 421

27/09/2023

Molimo wa bo-ntat'a rona
Mehleng ea bogologolo
Tshepo ea dilemo tse tlang
Lefika le tiileng.

Ka tlasa papallo ea hau
Le poloko ea hau
Re tla dula hamonate
Tshireletsong ea hau.

🕎 o nnile teng mehleng ea kgale, o sale teng le yanong 🕎

🙏wa halalela Modimo. Dirafime le dikherobime di goeletsa ho wena di re uya halalela🙏

17/08/2023

🕎Tsotlhe tse etsagalang mo maphelong a rona retla dula re boka modimo ka dinakotsotlhe mo kutlobotlhokong le mo monateng re mmoka ka dinako tsotlhe🕎

Bokang, Modimo wa kganya,
Modim'o re entseng;
Ketso tsa ona di benya,
Di kganya lefatsheng.

Ka mehla o re tshoarela
Dibe tse sa balweng;
Ha o phetse ho hauhela
Batho ba sitilweng.

Ho iswe hlompho le poko
Ho Ntate le Mora,
Le ho Moya ebe thoko,
Joale le ka mehla.

Sefela 11

13/08/2023

Sefela 3

🙏🙏

Pel'a tulo se tshabehang
Sa borena ba Jehova,
Bohle, batho, atamelang,
Anang ka ho thothomela.

Le mo tsebe, ke Modimo,
Ke 'Mopi wa dintho tsohle;
Machaba, marena, bafo,
Pel'a hae e ka lerole,

Oa laya, oa kgalemela,
Ho se ya ka mo fetolang;
Oa phedisa, oa timetsa,
O etsa kamoo a ratang.

Empa ho eena lerato
Le kganya joale ka matla,
Le timetsa mehopolo;
Hape, ha le na ho fela.

27/06/2023

🕎Jesu ore tlong honna lona ba khathetseng lona ba imetsoeng mme ketla le imolla ore le inkele joko yaka mme le i thute honna.ya imetsoeng ketsa lelapa , mohlolomong ya imetsoeng ketsa lefatshe empa le kunutung le morena ho homonate ha kakang hao boisana le ena ka moo pelo ei kutlwang

Ore ho lona tsebe tsaka halia thibana ho utloa lithapelo tsa lona le letsoho laka hale le khutshoanyane hole ama kao fela ..Amen 🕎

27/06/2023

Joko Yao

Joko ya hao e bobebe,
E nkgatholola pelo
Tumelo ho 'na ke thebe
E tla mphemisa lefu.
Nyakallo ke e fumane
Tseleng ya hao, Morena;
Dira ho 'na di qhalane,
Ke hloletswe ke wena

O re ho 'na, ke lelale,
Ke tshepe lehodimo;
Moeti ha a kgathale,
O pepjoa ke Modimo.
Efela ho dutse joalo,
Esale o nthatile;
O mphodisitse matsoalo,
'Me joale ke thabile.

Ha ke hlaheloa ke dillo,
O ntekola ka mosa,
O ntlela ka dipolelo,
Tse phakisang ho nthusa.
Ha ke re : Ke mofutsana,
O re : Che, o na le 'na!
Ha ke re : Kgoro ea hana,
O re : Che, o tla kena!

Ho tla bajoang ha ke siya
Kobo ena e bolang,
Ke be joale ka Elia,
Ka koloing e fofang?
Ke tla opa ka diatla,
Ke tla re : Alleluya!
Alleluya ho senatla
Se nkenyang ha Jehova!

🕎Jesu ore tlong honna lona ba khathetseng lona ba imetsoeng mme ketla le imolla ore le inkele joko yaka mme le i thute honna.ya imetsoeng ketsa lelapa , mohlolomong ya imetsoeng ketsa lefatshe empa le kunutung le morena ho homonate ha kakang hao boisana le ena ka moo pelo ei kutlwang

Ore ho lona tsebe tsaka halia thibana ho utloa lithapelo tsa lona le letsoho laka hale le khutshoanyane hole ama kao fela ..Amen 🕎

10/06/2023

Ya itshepelang Modimo
Le bo tshephehi ba ona
A ka tla dula ka kgotso
hara tshiu tsa mefuta
Mookamedi ya renang
O tseba se re se hlokang.

Di thusa’ng dipelaelo
Le ona masisapelo
Na moabi wa bophelo
H’a bo dise ka lerato?
Mookamedi ya renang
O tseba se re se hlokang.

Betang pelo, ba Morena,
Le mo siele sebaka.
O tla tseba ho fetola
Tsohle molemo wa rona.
Mookamedi ya renang
O tseba se re se hlokang

Ruri o sa ikgethetse
Motsotso wa ho re thusa
Ho bana ba hae o tletse
Rato le se nang ho fela.
Mookamedi ya renang
O tseba se re se hlokang.

Se re ha o s’o hlomoha
Ke lahlilwe ke Morena!
Mme batho ha ba qhomeha
Ba filwe lehlohonolo!
Mookamedi ya renang
O tseba se re se hlokang.

Ha bohloko bo ho kena,
Bo ho thuba, sheba Jesu!
Sefapano sa Golgotha
Ke diba sa matshediso
Mookamedi ya renang
O tseba se re se hlokang

Tshaba Modimo, moena!
O rate tsela ya ona.
Mehopolong ka ho wena
ke ya molemo ka mehla.
Mookamedi ya renang
O tseba se re se hlokang

Morena, mponele tsohle;
Kea o tshepa, wena feela
O! ntate ntsamaise hle
Tshepo yaka e ho wena
Wena, Jehova ya renang
O tseba se ke se hlokang

21/05/2023

Pesalema 24

1 Lefatshe ke la Jehova le tsohle tse ho lona, lefatshe le ba ahileng ho lona.

2 Hobane o le theile hodima mawatle, o le tiisitse hodima bodiba.

3 Ke mang ya ka nyolohelang thabeng ya Jehova, ya ka dulang sehalalelong sa hae?

4 Ke ya matsoho a se nang molato, ya pelo e hlwekileng, ya sa ineeleng leshano, ya sa hlapanyeng ho ya thetsa.

5 Motho ya jwalo o tla bona hlohonolofatso ho Jehova, le ho loka ho Modimo, Mmoloki wa hae.

Lesedi, Khanya ho bohle. Amen🙏

📌
06/10/2022

📌

30 biblical names of God
02/08/2022

30 biblical names of God

16/04/2022

Re le dumedisa ka Mohau

Ke ka Holoka ha Molimo re sa tsweletse ho keteka paseka selemong sa 2022

Bosiu rena le poeletso ya mantswe a supileng
Go jewe selalelo sa paseka

Nako- 22:00

Molimo a re hlohonolafatse molemong o sa feleng

Address

Silwerkraans
Rustenburg
2839

Opening Hours

Monday 11:00 - 17:00
Tuesday 11:00 - 17:00
Wednesday 11:00 - 17:00
Thursday 11:00 - 17:00
Friday 11:00 - 17:00
Saturday 11:00 - 17:00
Sunday 11:00 - 17:00

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Rebuletswe Apostolic Church in Christ posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Contact The Place Of Worship

Send a message to Rebuletswe Apostolic Church in Christ:

Share