01/06/2026
O be Lerato la ka❤️❤️❤️
LITANIA TSA PELO E ADOREHANG EA JESU
Morena U re hauhele Morena U re hauhele
Kriste U re hauhele Kriste U re hauhele
Morena U re hauhele Morena U re hauhele
Kriste U re mamele Kriste U re utloe.
Ntate ea Maholimong Uena u leng Molimo, U re hauhele.
Mora Molopolli oa lefats'e Uena u leng Molimo, U re hauhele.
Moea o Halalelang Uena u leng Molimo, U re hauhele.
Botrinitase bo Halalelang Uena u leng Molimo ale mong, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, Mora oa Ntate ea senang ho qala leho ho fela. U re hauhele.
Pelo ea Jesu, e entsoeng ke Moea o Halalelang popelong ea Movirigo ea u tsoetseng, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, e kopaneng ka sebele le Lentsoe la Molimo, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, e nang le Borena bo Tlotlisehang, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, Tempele e Halalelang ea Molimo, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, Tabarnakele ea e Moholo-holo, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, Ntlo ea Molimo le Monyako oa Leholimo, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, sebopi se tukang sa lerato, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, pitsa ea toka le ea lerato, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, e tletseng mosa le lerato, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, boliba ba khalalelo eohle, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, e ts'oanelang haholo lithoko tsohle, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, Morena le setsi sa lipelo tsohle, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, e nang le menono eohle ea bohlale le ea tsebo, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, moo ho ahileng Bomolimo bohle bo tletseng, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, eo Molimo Ntate a iketlang haholo ka eona, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, eo re filoeng bohle ho tlaleng ha eona, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, takatso ea lithabana tse sa feleng, U re hauhele
Pelo ea Jesu, e boiphapanyo le mohau o moholo, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, e fanang ho bohle ba U rapelang, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, Seliba sa bophelo le khalalelo, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, tefelo ea libe tsa rona, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, e ileng ea khorisoa lits'omo, U re hauhele
Pelo ea Jesu, e ileng rojoa ka baka la lihloho tsa rona, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, e ileng ea mamella ho fihlela lefung, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, e ileng ea hlajoa ka lerumo, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, Mohloli oa ts'eliso eohle, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, Bophelo le tsoho ea rona, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, Khotso le ts'oarelo ea rona, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, pholoho ea ba u ts'epang, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, ts'epo ea ba shoelang ho Uena, U re hauhele.
Pelo ea Jesu, maiketlo a Bahalaleli bohle, U re hauhele.
Konyana ea Molimo e hlakolang libe tsa lefats'e,
-U re ts'oarele Morena.
Konyana ea Molimo e hlakolang libe tsa lefats'e,
- U re utloe Morena.
Konyana ea Molimo e hlakolang libe tsa lefats'e,
-U re hauhele.
V: Oho Jesu ea Pelo e bonolo le boikokobetso
R: Etsa h**e pelo tsa rona li ts'oane le ea Hau.
A re rapeleng:
Oho Molimo Ntate ea matla ohle ea senang ho qala le ho fela, ak'u talime Pelo ea Mora oa hau
ea ratehang haholo-holo, hammoho le litlhoriso le litefelo tseo a ileng a li etsa ka lebaka la baetsalibe. U kokobetse khalefo ea hau, 'me u ts'oarele ba U kopang mohau oho Molimo, ka
Lebitso la Eena enoa Mora oa hau Jesu Kriste, ea phelang, ea busang le Uena, kamehla e sa
feleng. A hobe joalo.