Pst Keketso Lesoma's Prayer Room

Pst  Keketso Lesoma's Prayer Room Contact information, map and directions, contact form, opening hours, services, ratings, photos, videos and announcements from Pst Keketso Lesoma's Prayer Room, Abia, Maseru.

MATHEU 6:6 Empa uena, ha u rapela, kena phaposing ea hao, 'me ha u koetse monyako oa hao, u rapele Ntat'ao ea sephering; 'me Ntat'ao ea bonang sephering, o tla u putsa.

30/08/2024

Shout out to my newest followers! Excited to have you onboard! Gerard M Sehlabo, Mathato Khemisi, Mathabo Anna

16/03/2024

ESAIA 40:29-31
O fa ea khathetseng matla,o atisa matla ho ea fokotseng.
31 Empa ba its'epelang Jehova ba bona matla a macha,ba fofa joalo ka ntsu,ba matha,'me ha ba khathale;ba tsamaea, 'me ha ba fokole.
Ka mants'e a na ke re ho lona bohle ba lahlehetsoeng ke baratuoa ba lona,tiang matla, hobane ea re ts'episetseng o ea tsepahala .

04/03/2024

Good morning and win today!!
Re sa tlo khaleha,ha re ke re lebohe Jehova
Jehova ke ea leboha!
Ka ts'ereletso ea hao.
Ka lerato la hao
Ka mohau oa hao
Ka bohlale ba hao
Ka lereko la hao
Ka thabo
Ka tsohle

01/03/2024

HAPPY NEW MONTH MY BEAUTIFUL FAMILY!
Psalms 37:5
U laeletse tsela ea hao ho Jehova,u mo ts'epe; ho tla sebetsa eena .
Ha ke tsebe ke buoa le mang boemong bona empa re le batho re feta maemong a boima.E ba Epistole ea Jokobo e se e re; Banab'eso , le ke le lekanye hobane ke thabo feela ha le hlaheloa ke meleko e mengata; le ntse le tseba hobane ho lekoa ha tumelo ea lona ho hlahisa mamello .....
Jokobo 1:2-5

21/01/2024

Happy Sunday
LIPROVERBIA 8:17
Ke rata ba nthatang;ba mpatlang e sa le ka meso,ba tla mphumana.

18/01/2024

SON OF DAVID HAVE MERCY ON US,LET YOUR MERCY SPEAK FOR US THIS MORNING!

14/01/2024

BA-FILIPI 4:13
Nka etsa tsohle ka Kreste ea mphang matla.

JEREMIA 33:3Bitsa ho 'na, 'me ke tla u araba,ke u bont'se tse kholo le tse patiloeng tsee u sa li tsebeng.
07/01/2024

JEREMIA 33:3
Bitsa ho 'na, 'me ke tla u araba,ke u bont'se tse kholo le tse patiloeng tsee u sa li tsebeng.

01/01/2024

JEREMIA 29:11
Hobane 'na ke tseba mehopolo ea ka eo ke ntseng ke e hopotse bakeng sa lona,ho bolela Jehova, hobane ke mehopolo ea khotso,e seng ea bobe,ke tle ke le nee qetello e molemo le se ka le ts'episang.
Jehova Molimo oa rona, re ea u leboho ka mehopolo ea khotso,ka lebitso la Morena oa rona Jeso Kreste Amen!

31/12/2023

EBEN_ESERE
1 Samuele 7:12
Samuele a nka lejoe, a le emisa pakeng tsa Mitspe le Shene,a le rea lebitso la Eben_Esere(lejoe la thuso),a re Jehova o re thusitse ho fihlela mona.
Psalm 51:1_2
1 Oho Molimo, nkhauhele ka lereko la hao;ka mehauhelo e meholo ea hao u hlakole litl'olo tsa ka.
2 Ntlhatsoe, u be u ntlhatsoisise bokhopo ba ka,u mphekole sebe sa ka.
Psalm 23:5
U teke tafole pel'a ka,pont'seng ea lira tsa ka;u tlotsitse hlooho ea ka ka ole,mohope oa ka oa khapatseha.
Numere 6:24_26
24 Jehova a u hlohonolofatse,'me a u boloke!
25 Jehova a u khant'setse sefahleho sa hae,'me a u hauhele!
26 Jehova a retelletse sefahleho sa hae ho uena, 'me a u fe khotso!
Ntate re ea leboha ka poloko,khauhelo,lerato le khotso re sa kena selemong sa 2024,ka lebitso Morena oa rona Jeso Kreste Amen!

26/12/2023
25/12/2023

MERRY CHRISTMAS & HAPPY NEW YEAR!
MATTHEU 1:23

Bonang, moroetsana o tla emola, a tsoale mora,'me lebitso la hae o tla bitsoa Emmanuele,ke ho re,ha ho fetoloa,Molimo o na le r'ona.

Jehova re ea leboha ka lerato la hao le poloko ea hao. Ha Lerato le rene kajeno ka lebitso la Morena Jeso kreste Amen!

Address

Abia
Maseru

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Pst Keketso Lesoma's Prayer Room posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Contact The Place Of Worship

Send a message to Pst Keketso Lesoma's Prayer Room:

Share