Nkaetsa Tsohle Ka Kreste Ya Mphang Matla.

Nkaetsa Tsohle Ka Kreste Ya Mphang Matla. "I can do all things through Christ who strengthens me" (Philippians 4:13).

31/08/2026

Ntaele, Morena, โ€“ Ke m**o wa hao.
Thato ke tla etsa โ€“ ya hao eohle.
Ha e ka nkimela, โ€“ dumela, o ntlatse;
Le ho sitwa haka โ€“ U ntshwarele!

JESO KE MORENA
AMEN..

27/08/2026

DIPESALEME 55:22-23

Jarisa Jehova phahlo tsa hao, mme o tla o tshehetsa; a ke ke a dumela h**e ya lokileng a nne a sisinngwe. Hobane wena, Modimo, o tla ba dihela tlasetlase sehokong; batho bao ba madi, ba tletseng mano, ba ke ke ba phela ho fihlela lehare la matsatsi a bona. Empa nna, ke beile tshepo ya ka ho wena.

JESO KE MORENA
AMEN๐Ÿ™

11/08/2026

Bapa Le nna, Morena..

JESO KE MORENA๐Ÿ™

03/08/2026

Dipesaleme 107 vs 28-31

28.Ba howa ho Jehova matswalong a bona, a ba lopolla ditsielehong tsa bona. 29.A kgutsisa sefefo, a se fetola moya o mosesane, maqhubu a itholela. 30.Ba thaba ha maqhubu a itholetse, a ba isa moo ba neng ba rata ho ya teng.

**Ka lentswe fela, Modimo o na etse Mahodimo le lefatshe le dintho tsohle tse ho lona

**Ka lentswe fela, Modimo o na kgalemele lewatle, sefefo saba sa kgutsa.

**Ka lentswe fela, Modimo o ile a tsosa Lazaro bafung

Ekare Morena Modimo aka kgutsisa sefefo bophelong ba hao, ase fetole moya o mosesane. Maqhubu ao o iphumanang ka hare ona, a itholele. Tsa mo bitsa ho Morena Modimo tsatsing la kajeno. Ke modimo o mamelwang le ke mawatle..

JEHOVA KE MORENA๐Ÿ™
AMEN

23/07/2026

Dipesaleme 18 vs 31

31. Ke mang e leng Modimo, haese Jehova? Lefika ke mang, haese Modimo wa rona?

JESO KE MORENA
AMEN๐Ÿ™

20/07/2026

DIKETSO 16 VS 30-31
30.A ntoo ba ntshetsa ntle, a re: Benghadi, e ka kgona ke etse jwang h**e ke bolokeha? 31.Ba re: Dumela ho Morena Jesu Kreste, mme o tla bolokeha, wena le ba ntlo ya hao!

Tsohle di etsetswa ba dumelang ๐Ÿ™

Jeso ke Morena

17/07/2026

DIPESALEME 37 3-13

3.O be le tshepo ho Jehova, o etse ho hotle; o ahe lefatsheng, o ikgorisetse nneteng.
4.O ikgahlisetse ho Jehova, mme o tla o nea se batlwang ke pelo ya hao.
5.O laeletse tsela ya hao ho Jehova, o mo tshepe; ho tla sebetsa yena
7.O lebelle Jehova o ikgutseditse, o itshepise ka yena. O se ke wa hlora ka baka la ya atlehang tseleng ya hae, ka baka la motho ya leseho bolotsaneng ba hae.
8.O kokobetse bohale ba hao, o tele kgalefo, o se ke wa hlora; ebe etlaba o etsa bobe.
9.Hobane ba bolotsana ba tla fediswa, athe ba itshepetseng Jehova ba tla rua lefatshe.
10.Ho se ho se hokae, mme molotsana o tla ba siyo; o tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le siyo;
11.empa ba bonolo ba tla rua lefatshe ba iketle kgotsong e kgolo.
Molotsana o rera ya lokileng, o mo tsikitlanyetsa meno.
13Morena o tsheha ka yena, hobane o bona hoba letsatsi la hae le a tla.

14/07/2026

DIPESALEME 55 vs 22

Jarisa Jehova phahlo tsa hao, mme o tla o tshehetsa; a ke ke a dumela h**e ya lokileng a nne a sisinngwe.

Jeso Ke Morena
Amen๐Ÿ™๐Ÿ™๐Ÿ™

13/07/2026

Bophelo ke wena fela
Empa batho ha ba tsebe
Ba lahelehetsoe ke tsela
Ba khelositsoe ke sebe
๐Ÿ™๐Ÿ™๐Ÿ™

09/07/2026

O, Jesu ya lerato, O ntumelle ka mehla,
Ha ho hlaha sefefo, Ke tshabele ho wena.

Mpate ka atla tsa hao, Fefo se be se fete,
Oho, sefubeng sa hao, Jesu, o no mpoloke!

JESO KE MORENA
AMEN๐Ÿ™

Address

Soweto

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Nkaetsa Tsohle Ka Kreste Ya Mphang Matla. posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Shortcuts

Share