18/06/2026
A re rapele
Modimo Ntate, Modimo Mora, Modimo moya o halalelang, le hoseng hona ha letsatsi re leboha ho balwa le ba o ba tsositseng, re leboha mohau wa hao hobane o bonahetse ho rona, hoseng hona Ntate ya mosa le mohau re leboha bophelo, ka mehla o re patetse ya mobe, satane ha robale o dula a tjhalatsa bosiu le motsheare, o re bontsh*tse h**e o moholo ho ba ba dumelang, wa re sireletsa tlasa makoloi ao re tsamayang ka ona, e sale o le Modimo o sa balwe le dilemo, le re lentswe la hao bukeng ya Bakorinthe, re leboheng Modimo o re neileng ho hlola ka Morena wa rona Jesu Kreste, re ya leboha Ntate, ha re tlo tswa hoseng hona tsamaya le rona Ntate, re kopa tshireletso ya hao ho ya ka mabaka ka ho fapana, re kopela le bohle ba kulang, hona le ba kulelang malapeng a bona ba bang ba kulela dipetlele, ba bang ba kula ba ntse ba tsamaya, re ba kopela ho fola ka lebitso le matla la Morena Jesu.
Ka Kreste Morena wa rona eleng Jesu Kreste re ya rapela.
Amen