23/06/2026
Mosebetsi le sepheo se seholo sa Mokhatlo oa Ba-Bacha LECSA
Ke ho otla/betla bahlankana le baroetsana(from 12 years age) h**e e tle ebe banna le basali ba sebele ba kamoso kahar'a Sechaba,metseng,mesebetsing le hohle.
Sena se etsoa ho ipapisitsoe le li "T" tse 'ne tse tsamaisang Mokhatlo,eleng :
Thapelo - Ba rutoa ho tsebana le ho buisana le Molimo ka thapelo
Thuto - Ba khothalletsoa le ho fuoa thuto ka tsohle tsa bophelo,lentsoe la Molimo eleng Bibele,Sekolo,Mahlale a bophelo le liqholotso tsa bophelo especially tse amang bona ele Bacha h**e ba lule ba falimehile le ho ba hlokolosi.
Ts'ebetso - Ba rutoa ho sebetsa ka thata le ho its'oarela ka matsoho,Bohloeki le Makhethe hotloha malapeng,kerekeng le hohle moo ba leng teng.
Thabisano - M***a ke moo ba rutoang le ho khothalletsoa ho bapala le ho ithabisa ele tsela ea ho itlhabolla le ho ichorisa likelello
Empa ba bapala ka nepo,ba bapalla libakeng tse bolokehileng le ho bapala lipapali tse kekeng tsa basenyetsa le ho ba sulafalletsa bophelo.
Ka lebaka leo setho sa nnete sa Mokhatlo oa Ba-Bacha se betlehileng,se utloisisang le ho ikobela tsamaiso le melao.
Se lokela ho bonahala ka boits'oaro bo botle,hlompho,seriti le ho ba le boikarabello ho tsohle tseo a li etsang.
Ebe mohlala o motle ho lithaka tsa hae le ba tlang kamorao ho eena
Lefifing le lets'o-lets'o le mofuteng o khopo,ikhetheng lona ba Jesu khabang ka khalalelo.
Ha re rapela kamehla re re:
Thapelo Eaka
Ntate
Nketse ea matsoho a hloekileng, lipuo tse hloekileng le mehopolo e hloekileng
Nthuse ho loanela botle le ho furalla bobe
Nts'itise ho tloaela mekhoa e senyang bophelo
Nthute ho sebetsa ka Matla, ho bapala ka bokhabane
Ka bakala lerato la Jesu kreste mopholosi oa ka, nts'oarele hake oela bobeng, u nthute le ho ts'oarela ba nketsang hampe
Nketse ea tsebang ho thusa ba bang leha ke senyeheloa ke hona.
Mphumanele ka letsatsi le leng le leng sebaka sa ho etsa ho honyenyane ho hotle , elore h**e ke ts'oane le Jesu kreste
Amen