31/05/2026
BORARO BO HALALELANG.🙏🏽
1. HO BALOA BUKENG EA EXODA 34:4-6.8-9.
Matsatsing ao, Moshe a tsoha e sa le hoseng, a hloella thabeng ea Sinai, joalokaha Morena a n'a mo laetse a ea a nkile matlapa a mabeli ka matsoho. Eaba Morena o theoha a le har'a leru. Moshe a ema le eena moo, 'me a rapela lebitso la Morena. Morena a feta pel'a hae a nts'a hooa, a re :Morena, Morena ke Molimo ea mohau, ea lereko, ea liehang ho halefa. Moshe a phakisa a inamela fatse, a khumama, a re :Morena, haeba ke fela ke fumane mohau ho uena, Morena a ke a mpe a re felehetse. 'Nete ke h**e, ke sechaba sa batho ba hloho lithata, empa u re tsoarele liphoso le libe tsa rona,' me u re nke re be lefa la hao.
PESALEMA Dan 3:52--56. R. 52
U RORISOE 'ME U PHAFSHOE KA BOSAFELENG.
---U bokoe, Morena, Molimo oa Bo-ntat'a rona, u rorisoe' me u phafshoe ka bosafeleng.
----U bokoe Tempeleng ea letlotlo le halalelang la hao, u rorisoe haholo 'me u phafshoe ka bosafeleng.
U bokoe u le teroneng ea' muso oa hao, u rorisoe 'me u phafshoe ka bosafeleng.
---U bokoe, uena ea talimang maliba, ea lutseng holim'a likerubime, u rorisoe' me u tlotlisoe ka bosafeleng.
U bokoe, Morena, leholimong le tiileng la hao, u rorisoe 'me u tlotlisoe ka bosafeleng.
---Bokang Morena, lona mesebetsi eohle ea Morena, mo roriseng, le mo phafe ka bosafeleng.
2. HO BALOA LENGOLONG LA BOBELI LA MOAPOSTOLA PAULOSI HO BA - KORINTHE 13:11-13
Bana beso. Ithabeleng, le phele ka khalalelo :Khothalang, le be le maikutlo a tsoanang, le phelisane ka khotso, 'me ke moo Molimo oa khotso le oa lerato a tlang ho lula le lona. E se eka grasia ea Morena oa rona Jesu Kriste hammoho le lona lerato la Molimo li ka ba le lona bohle ka kopano le Moea o Halalelang. Amen.
Alleluia, alleluia! Tsen 1:8
Ho tlotlisoe Ntate, Mora le Moea o Halalelang, Molimo ea leng teng, ea bileng teng 'me ea tlang ho tla. Alleluia!
3. HO BALOA EVANGELING E HALALELANG E NGOTSOENG KE JOANNE'S 3:16-18
Ka nako eo, Jesu a re ho Nikodema :Molimo o ra