30/08/2026
SONTAHA SA 22 SE HAR'A SELEMO.
SELEMO A
THUTO EA PELE:
HO BALOA BUKENG EA MOPROFETA JEREMIA (20 :7-9)
Morena, u ile ua nqhekella, 'me ka qhekelleha, u bile matla ho mpheta,' me ua ntlhola. Ke fetohile sesomo, letsatsi lohle, bohle ba ntja litseho. Ke hobane, kamehla ha ke bua, Kea hooa :molaetsa oa ka o bolela sehloho le timetso. Lentsoe la Morena le ntliselitse sekhobo le sesomo letsatsi lohle. Ke ne ke re :Ha ke sa tla re letho ka eena, ha ke sa tla bua ka lebitso la hae. Empa ka pelong ea ka, e n'e ka ho na le mollo o bohale, o keneng masapong a ka, ka tsoatsoa ke re Kea o kokobetsa, ka sitoa.
PESALEMA 62
MOEA OA KA O U NYORETSOE, MORENA MOLIMO OA KA.
--Molimo, ke uena Molimo oa ka, ke u hlolohetsoe, moea oa ka o nyoretsoe uena,
--'Mele oa ka o laba-labela uena, joaloka lefatse le omeletseng, le se nang letho, le hlokang metsi.
---Ruri ke rata ho u bona Sehalalelong, h**e ke tle ke bohe matla a hao le letlotlo la hao.
--Ka hobane mohau oa hao o molemo ho feta bophelo, molomo oa ka o tla u tlotlisa.
---Ruri ke tla u boka bophelong ba ka bohle, ke tla phahamisa matsoho a ka ho u rapela.
-Moea oa ka o tla u roka ka lentsoe le nyakaletseng.
--Hobane u bile mothusi oa ka, ke ithabela moriting oa mapheo a hao.
--Moea oa ka o u khorametse, 'me letsoho la hao lea ntsehetsa.
THUTO EA BOBELI:
HO BALOA LENGOLONG LA MOAPOSTOLA PAULOSI HO BA - ROMA (12:1-2)
Bana beso! Ka mohau oa Molimo, ke ipiletsa ho lona, h**e le inyehele ho ba sehlabo se phelang, se halalelang, se khahlehang ho Molimo, ke eona tsebeletso ea' nete e le tsoanelang. Le se ke la latela mekhoa ea lefatse lena, le mpe le nchafaletsoe kutloisiso 'me le fetohe, le tle le tsebe ho hlalohanya seo thato ea Molimo e leng sona, se lokileng, se mo khahlisang, se phethehileng.
Alleluia, alleluia! Jn 10 :27
Linku tsa ka li utloa lentsoe la ka, ho rialo Morena, Kea li tseba,' me lia ntatela. Alleluia!
EVANGELI:
HO BALOA EVANGELING E HALALELANG E NGOTSOENG KE MATHEUS (16:21 - 27)
Ka nako eo, Jesu a qala ho hlalosetse barutuoa ba hae h**e e ka khona a ee Jerusalema,' me a utloisoe mahloko a mangata ke baholo, Baprista ba baholo le bangoli, a be a bolaoe,' me a tsohe ka letsatsi la boraro.
Empa Peterosi o mo nkela thoko, a qala ho mo khalemela a re :Molimo a u thuse, Morena! U se ke ua hlaheloa ke ntho e joalo! Empa Jesu a reteleha, a re ho Peterosi :Tloha pel'a ka, Satane, ua ntsitisa, hobane ha u hopole tsa Molimo, empa u hopola tsa batho.
Jesu a re ho barutuoa ba hae :Ha motho a rata ho ntsala morao, a itele, a jare sefapano sa hae 'me a ntatele. Hobane ea ratang ho pholosa bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, athe ea lahleheloang ke bophelo ba hae ka baka la ka o tla bo fumana. Motho o tla boelloa ke' ng ka ho rua lefatse lohle, empa a senyeheloa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka fana ka'ng h**e a boelloe ke bophelo ba hae? Efela Mor'a motho o tla tla ka letlotlo la Ntat'ae, a e-na le mangeloi a hae, 'me mohlang oo o tla buseletsa e mong le e mong ka ho ea ka mesebetsi ea hae.
BOPHELONG BA KA.
Ke jare sefapano sa ka ka thabo, ke tle ke tsoane le Kriste.