Expressions- Transformational Conversations

Expressions- Transformational Conversations We engage in transformational conversations in areas like finances, careers, love and spirituality, often engaging experts.

We believe that change starts within. A renewed mind will propel a woman forward. We also aim to reactivate our femininity. ❤️

11/09/2026

What’s it like to be at an Expressions event? 🌸🤍🌸

Ha re shebeng molao oa boraro oa ho atleha bophelong, e leng ho ithuta. Bo mme, metsi a sa phalleng a bola. U ts’oanetse...
10/09/2026

Ha re shebeng molao oa boraro oa ho atleha bophelong, e leng ho ithuta.

Bo mme, metsi a sa phalleng a bola. U ts’oanetse u be moithuti bophelo bohle ba hau. Le haeba oa chesa ka ntho eo u e etsang, ithute mekhoa e mecha u tle u lule u chesa. Haeba u etsa manala, moriri kapa u etsa li cake mohlala, lula u ithuta mekhoa e mecha u ska salla morao.

Le mosebetsing moo ithute ho sebelisa li tool tse ncha. Ithute li system tsa morao-rao. Ha u sa ithute, oa rusa. Ke mona moo bana ba banyane ba tla fihla ba u fete tseleng. Kopanya experience ea hau le mekhoa ea sejoale joale.

Haeba u khona ho khutlela sekolong, khutla. Le ha u ka etsa li short course empa ithute.

Ha re hetleng morao re ke re shebeng melao eo re seng re e entse:
1. Ho nka boikarabello
2. Bokhabane
3. Ho ithuta lintho tse ncha

🌸🤍🌸

10/09/2026

May you be intentional about how you live your life everyday and may everything you touch be blessed! 😇

Molao oa bobeli oa ho atleha bophelong ke bokhabane. Etsa bonnete ba h**e eng kapa eng eo u e ts’oarang e fetoha khauta....
09/09/2026

Molao oa bobeli oa ho atleha bophelong ke bokhabane.

Etsa bonnete ba h**e eng kapa eng eo u e ts’oarang e fetoha khauta. E ba motho ea tsejoang ka mosebetsi o tsoileng matsoho. Haeba u lakatsa ho atleha bophelong, e ba motho ea sa etseng lintho tjena feela, empa ea itellang sohle seo a se etsang ho sa tsotelletsehe na se se kae.

Mosebetsing Oa hau, khoebong, lapeng la hau, e ba motho ea tsejoang ka bokhabane. Ha ho tsotelletsehe mosebetsi oo u o etsang kapa h**e na u rekisang. Tsebahala ka smile, ho buisa batho hantle, ho etsa mosebetsi o makhethe. Motho e mong o re. ‘Na ke tla itela ha nka fihla mosebetsing o betere.’ Che! U ts’epahala ka tse Nyane Molimo a tle a u ts’epele ntho tse kholo. Ha ho tsotellehe h**e na customer kapa motho eo u mo sebeletsang o khopo kapa o u tena hakae. Ha u etsetse eena, u jalla bokamoso ba hau. Mohlala Oa bokhabane: Ha ho thoe u fihle ka 07:00 mosebetsing, ka 06:30 u se u fihlile. Kea tseba ba bang ba tla re kea hlanya, empa ha u batla Katleho, u etsa sohle.

Bokhabane! Boitelo! Mosebetsi o tsoileng matsoho! Le ha ho ka ba thoe Motho Oa loea, katleho ea hau u tla e bona.

Ke’ng eo u tlo e etsa ka tsela e fapaneng lapeng, khoebong kapa mosebetsing? Itlame lelapa le utloe! 🌸🤍🌸

Eba le letsatsi le hlohonolofetseng, moratuoa! 🌸🤍🌸
09/09/2026

Eba le letsatsi le hlohonolofetseng, moratuoa! 🌸🤍🌸

Pele ke qala litaba tsa kajeno ke kopa ho le hopotsa h**e kea le rata. Ebile ke le joetse ha ke nahane ke fihlile. Ke mp...
08/09/2026

Pele ke qala litaba tsa kajeno ke kopa ho le hopotsa h**e kea le rata. Ebile ke le joetse ha ke nahane ke fihlile. Ke mpa ke ile ka tseba ka Melao eena ea bophelo mme haesale e nsebeletsa. Hobane kea le rata, Ke lakatsa ho e arolelana le lona. Re itse Molimo haana bana ba hae bao a ba ratang hofeta ba bang empa o rata lefats’e lohle. Hape ho na le melao e tsamaisang bophelo.

Molao oa pele oo ke lakatsang re o shebe ke ho nka boikarabello ka bophelo ba hau. Ha se kamehla empa ka linako tse ling re na le kobo ea bohali h**e e be re moo re teng. Ka 2013, ka selemo se bileng thata hofeta lilemo tsohle bophelong baka, ke ile ka amohela h**e ke bile le seabo h**e ke fihle moo moo ke neng ke le teng. Ke ne ke ile ka etsa ngoana ke le monyane ebile le motho ea neng a se na boikarabello. Ke ile ka amohela h**e ke moo, ka its’oarela liphoso tsaka eaba joale ke re: ‘moo ke eang ke mane.’ Ke ile ka tlohella ho blamer mang kapa mang, eaba ke lebala tse etsahetseng ke shebana le bokamoso boo ke bo batlang.

Bosiung bona ke kopa u nke boikarabello ka bophelo ba hau. Ke nnete u moo u teng mme e ka ba ka lebaka la hau kapa la batho ba bang. Amohela h**e u step 1 mme u batla ho fihla step 10. Joale ha u qeta ho amohela, fasa mose lefito joale u loanele bokamoso ba hau. Haeba u so ntso tiisitse, hopola ona ke molao o le mong feela, mohlomong u fokola ho e meng. Re tlo e sheba letsatsi le letsatsi mme re hole.

Ke kopa ho le hopotsa h**e kea le rata, haeba ke le hatile torong le nts’oarele. Morero oaka ha se ho nyenyefatsa bohloko ba hau, empa h**e lla, ha u qeta, itlhotlh**e! 🫂❤️

Na Molimo O na le bana ba hae bao a ba ratang hofeta ba bang? Bible e re Molimo o ratile lefats’e hakaalo hoo a ileng a ...
08/09/2026

Na Molimo O na le bana ba hae bao a ba ratang hofeta ba bang?

Bible e re Molimo o ratile lefats’e hakaalo hoo a ileng a le neha Mora Oa Ona a inots’i ho re shoela kaofela. Lefats’e ke mang? Lefats’e ke motho e mong le e mong, a lumela a sa lumele, Molimo o re ratile kaofela.

Joale hobaneng lefats’e le hlola, hammoho le batho ba sa rapeleng empa uena u tapatapa nqa e le nngoe? Molimo haa u lebala empa Molimo ts’imolohong o entse melao e laolang lefats’e mme melao ena e mo tlamme matsoho le maoto. A ka se e robe! Mohlala: ha u jala poone, u ka se kotule mabele. Le ha u ka itima matsatsi a 40 le masiu a ona u ntse u rapela, moo u jetseng poone ho ka se mele mabele. Ka tsela e ts’oanang le bophelong ba hau ho na le melao le litsamaiso tseo u lokelang ho li latela h**e u hlole. Ka nako e nngoe u stuck hobane u sa latele melao ea tlholeho, ka nako e nngoe ke taba ea nako.

Kea tseba u utloa e se toka, kea utluisisa. Ts’epo ke h**e: ha u stuck ka ho sa feleng. Tsatsing lena re qala boithuto bo bocha ba ho tseba melao le litsamaiso tsa tlholeho tseo re tlamehang ho li latela ho hlola bophelong. Ke tla u bona mantsibuoa ha re sheba molao Oa pele.

Eba le letsatsi le monate. Tsoelapele ho hlola, moratuoa! 🌸🤍🌸

Ho na le Motho a na re ho nna: “Lefats’e ha le u kolote letho.” Bathong! Ke sa utloa bohloko! Empa ka thuisa mantsoe ana...
07/09/2026

Ho na le Motho a na re ho nna: “Lefats’e ha le u kolote letho.” Bathong! Ke sa utloa bohloko! Empa ka thuisa mantsoe ana eaba kea itjoetsa h**e ha hona motho ea tlo mpoloka ntle le nna. Ho tloha mohlang oo, ka tiisa, ka se ke ka lebella letho ho tsoa ho motho ka its’oarela ka matsoho aka. Motho eo, ke mo leboha le tsatsing lena.

Kea tseba h**e u khathetse ebile ekare ho ka hlaha motho ka mohlolo a u jarolla empa ke u ts’oaretse ‘nete e bohloko: ha ho na motho ea tlo u thusa ntle le Molimo. Joale ema, itlhotlh**e, mamella. Ho tlo loka. Kea tseba le utluile mantsoe ana hangata le sa bone phethoho feela kea u kopa moratuoa, se ke Oa lahla ts’epo. Ak’u khothatse mme ea imetsoeng kapa u khathetse posteng ena. 🌸🤍🌸

Ha re rapeleng:“Molimo oa rona ea lerato re rapella bo mme ba jereng boima. Ntate U itse re rolele maima le mathata ho  ...
07/09/2026

Ha re rapeleng:
“Molimo oa rona ea lerato re rapella bo mme ba jereng boima. Ntate U itse re rolele maima le mathata ho Uena hobane Oa re khathalla. Imolla mme enoa ea jereng bothata! Atlehisa mesebetsi ea matsoho a hae a tle a imolohe. Morena, bonts’a mme enoa lerato la hau. Rea leboha hobane oa re utloa ha re rapela. Amen!”

U kile Oa khathala ke ho ba strong? Oa utloa eka u ka penya pause oa phomola hanyane eaba u tsoelapele ka bophelo kamora...
06/09/2026

U kile Oa khathala ke ho ba strong? Oa utloa eka u ka penya pause oa phomola hanyane eaba u tsoelapele ka bophelo kamora nakoana? Feela joale bophelo ha bo na phomolo. Lelapa le mabaka lo ntse li u shebile ka mahlong. Ke mokhona u ke keng oa emisa ho ba strong. Empa u lumelletsoe ho etsa bokhoni ba ho phomola. Ke mokhona mona re buang ka ho ithata. Ehlile u ingoetsoe. Leka matsapa a ho bua kapa u ikimolle. Phomola, etsa lintho tse u fokoletsang moroalo.

Mona re lelapa. Itumelle h**e bo mme ba bang ba u supporte. Mona rea buang, rea lla, rea eletsanang! Ha u mong moratuoa. Re lelapa! 🌸🤍🌸

Address

P. O. Box 2354 Pitso Ground
Maseru
102

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Expressions- Transformational Conversations posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Shortcuts

Share