C c a c in zion

C c a c in zion Contact information, map and directions, contact form, opening hours, services, ratings, photos, videos and announcements from C c a c in zion, Religious organisation, Klerksdorp.

08/06/2020

1. Morena, ke rata ho o phelela,
O inkele pelo ya ka joale,
Ke hlolohetswe wena, wena feela,
Tlo, ke sa o bitsa, o nketele!

2. O nkhule ka dikgwele tsa lereko,
O ntebatse tsa lefatshe lena,
Ke o bohe, ke hlakole meokgo,
Ke be tlama se le seng le wena!

3. Oho, tsela lerato la Modimo
Pelong ena ya ka e hatsetseng;
Ke hopole dintho tse kahodimo,
Ke o rate kamoo o nthatileng!

4. Jesu, Jesu, letsatsi la ho loka
Ha o ncheba ka mosa le mohau,
Eba pelo ya ka e se e loka;
Nkedisetse sefahleho sa hao!

26/05/2020

1. Bodibeng joa mahlomola.
Moo ke neng ke tebile,
Ha ke se ke ea timela,
Jesu, o n’o nkgopole;
Wa hlaha, wa ntutubolla,
Ka tsota dintle tsa hao,
Ka tseba le ho nyakalla,
Hoba ke bone mohau.

2. Empa ke sa ntse ke kgasa;
Che, esita le joale
Matsoalo a sa ntlhokisa
Tumelo ya sebele;
Ke hopola dibe tsa ka,
Ke ntse ke itelela,
Ke mpa ke lebala ngaka
E reng e ka mphekola.

3. Jesu, o itse ho rona
Tlong ho 'na, le se tshabe!
Hase meokgo ya lona
E ka le hlatsoang dibe;
Ke 'na ke le fang tshoarelo
Ke 'na ea le fodisang!
Morena, ha o rialo,
Re ka belaela joang?

13/05/2020

Hobane motho, haele moutlwi wa lentswe, e seng moetsi wa lona, o jwaloka motho ya iponang seiponeng tshobotsi eo a tswetsweng ka yona. Ere hobane a ipone, o ye a tlohe, a lebale hang h**e ke motho ya jwang. Empa ya shebisisang molaong o phethehileng, e leng wa tokoloho, mme a tiisetsa teng, e se moutlwi ya hakwang, empa e le moetsi ya sebetsang, motho eo o tla ba le lehlohonolo ho etseng ha hae.
JAKOBO 1:23‭-‬25

12/07/2018
Kanana
10/06/2018

Kanana

Address

Klerksdorp

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when C c a c in zion posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share