Difela Tsa Sione

Difela Tsa Sione ♫ Barati Ba Lifela Tsa Sione ♫

† Jesus Is Lord †

Lifela Tsa Sione hymn books are available at www.difelabookstore.co.za

We are a joyous team which believes in Jesus Christ as the Lord and Savoir of people.

06/09/2026

Ke nģalo e kgethehileng,
Nģalo e tshabehang,
Jehova, moo o rapeloang,
Moo o mameloang teng!
Ke kgoro ya lehodimo,
Ke ntlo ya Modimo;
Har'a nģalo tsohle tse ding,
Teng, Morena, o teng.
Alleluya, amen!

Morena, kena tlung ena
Ye re o kgethelang;
O se fapohele feela,
E be moo o dulang!
Hleka o ka dula ka teng?
E, o tla dula teng,
Leha hodimo le fatshe
Di sa o lekane.
Alleluya, amen!

Oho, o sekehe tsebe
Moo, ha re rapela!
Ha re rutoa, o re rute,
O be har'a rona.
Oho, re tshollele Moya!
Phunya lehodimo,
Dikgohola, diphororo,
E be tsona feela.
Alleluya, amen!

Sefela 214, F. Coillard

Order your book online at www.difelabookstore.co.za

06/09/2026

Jehova, Modimo wa Iseraele,
O re faladitse lefifing la pele;
Re thaba hakaakang ha re o khumamela;
Kajeno re batho, re tseba ho rapela.

Maoto a kgotso, a tsoang ho Monghadi,
A tlile Lesotho, lefatsheng la madi,
A re a sa hlaha, Satan'a thothomela,
Mokgosi oa khutsa, dira tsa re bakela.

Mahaheng a matsho, thakong tsa ledimo,
Ho binoa sefela se bokang Modimo;
Naha ea nyakalla, e kgabile ka metse,
Nala e hlahile bakeng sa ditsietsi.

Ba neng ba qhalane ba boela ha habo,
Ba diqhobosheane ba ba nka ka thabo;
Leqheku le akoa ke tloholo tsa lona,
Di tla di hodile; ho bokwe Mong 'a bona!

E, dipoko tsohle di hlabe hodimo
Ho wena, Jehova, Morena Modimo!
Re sechaba sa hao, se ratilweng ke Jesu;
Tiisa 'muso wa hao fatsheng lena la heso.

Sefela 7

Lifela Tsa Sione books are available at www.difelabookstore.co.za | WhatsApp Us or Call +2779 424 7476

06/09/2026

Lona ba ratang ho phela
Mohlapeng oa Jesu,
Hopolang tsietsi tsa tsela
E isang ha eso. (bis)

Ke 'mila o mosesane
O hakang maoatla,
Le khoro e patisane,
E kenoa ka matla, (bis)

Nonyana li na le matlo,
Li lula monateng:
Ha ho moo hlooho ea Jesu
E ka sameloang teng. (bis)

Ba reng, ba mo sala morao,
Ba itele pele,
Ba se ke ba tšaba molao
O thapisang 'mele. (bis)

Ba inkele sefapano
Mahetleng a bona;
Ba tle ba shoele likano
Tsee ba leng ho tsona. (bis)

Sefela 200

Lifela Tsa Sione books are available at www.difelabookstore.co.za

05/09/2026

Ke wa’ng Basotho, mokgosi
O tlang lefatsheng la rona,
O reng: Sokolohang!
Ke mokgosi wa Modimo,
Morena a matla ’ohle;
O tla a tshwanek khalefong,
Tshabang, le mo hlomamele.

Utloang Basotho, mokgosi
Ke wa ditshu tse seng kae,
O re: Sokolohang!
Tshabang, lestatsi le lata.
La tseko le la kahlolo;
Bohle ba hanneng bo haka,
Ba tla hlokiisoa phabole.

Utloang Basotho, mokgosi
O hlabeolang batho bohle,
O re: Sokolohang!
Ea reng a hloke molato,
A bahelele ho Jesu;
Ke tshebolo sa sebe,
Ka ntle ho eena ke lefu.

Bakreste, hlabang mokgosi
Ka bophara lefatsheng,
Le re: Sokolohang!
E-bang sedi sa lefatshe.
Ba bone Jesu ka lona;
Ho lelekiswe lefifi,
Hohle e be khanya feela!

Sefela 249, A. Mabille

Lifela Tsa Sione Books are available at www.difelabookstore.co.za

05/09/2026

Rea o boka Morena,
Re ntse re thabela wena;
Re sa phela hamonate,
Ka paballo ya hao, Ntate.

Re pholositswe ka mohau,
Ka dineo tsohle tsa hao;
Reko la hao le leholo
Le re thabisitse pelo.

Kganna joale bana ba hao,
Ba ye ka taba tsa molao;
E be joko e bobebe,
E sikaroang ka sebete.

O re nee ho thabela
Tsee o di ratang kaofela;
Thato ya hao e phethehe;
Bana ba hao ba kgethehe.

Sefela 12

Lifela Tsa Sione books are available at www.difelabookstore.co.za

04/09/2026

Mekete ya lefatshe
Kea e balehela;
Kgale ke e thabetse,
Joale kea e tela;
Ke kgoloa ke Jesu
Ke mo neile pelo
Ho mo ananela.

Ke tsoaletswe lefifing,
Hole le Modimo;
Esale k'e-shoa dibeng
Ke hloka bophelo;
Empa Mor'a motho
O nchwetse melato,
Ke bone tshoarelo'

A tloha lehodimong
Ho mpatla lefatsheng;
O shwele sefapanong
Ho ntopolla dibeng;
Teng a etsoa tefo,
'Na ka etsoa m**o,
Ke moo a nthuileng.

Le kajeno oa nthata
Ka rato la mehla;
Moya wa hae oa nthuta.
Ke sa ipha matla,
Ke rorise Jesu
Ea ntlholetseng lefu.
Satane, lebitla

Sefela 101, S. Rolland

Lifela Tsa Sione books are available at www.difelabookstore.co.za

04/09/2026

1. Ho lula le Ntate,
Ho bua le eena,
Ho molemo, ho monate,
Ke monyaka ho 'na.

2. Fifing la bosiu,
Ha ke falimeha,
Ha ho ts'abo le bolutu,
Ke bua le eena.

3. Hosasa o ntlela
Ka mpho tsa molemo,
Leha ke mo hlahisetsa
Thoko tsa lerato.

4. Le letsatsi lohle
Ha a ntsamaisa,
Ke mamela ke thabile,
'Me kea 'muisa.

5. Ha le phirimile
O 'nea boroko;
Ke lala ke mo ts'epile,
Ntate ea lerato.

6. Ke sepela joalo
Hamonate-nate,
Ka khotso le ka nyakallo
Hammoho le Ntate.

Sefela 379

Lifela Tsa Sione books are available at www.difelabookstore.co.za

Address

61 Oak Avenue, Highveld Techno Park
Centurion
0157

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Difela Tsa Sione posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Contact The Place Of Worship

Send a message to Difela Tsa Sione:

Shortcuts

Share