Seventh-Day Adventist Church Thaba-Tseka Zone

Seventh-Day Adventist Church Thaba-Tseka Zone Preaching good news to the mountain region of Thaba-tseka and country wide

24/04/2026

24 April 2026

Leha thapelo e le bohlokoa hakaalo bophelong ba mokreste, empa ha ea lokela ema pele lits'oanelo tse ling tseo Molimo a laetseng h**e li etsuoe ke batho.

Ha re talime hammoho litloaelo tsena tse seng kae tseo ha re sa nepe lits'oanelo tsa rona ebe re re re balehela thapelong:

1. Ho se sebetse ka thata. (Moeklesia 9:10). Ha rea lokela ho rapella likatleho tse tlisoang ke ho ithukhubetsa mosebetsing empa re phuthile matsoho.

2. Ho se ele hloko litaelo tsa ho boloka 'mele e phetse hantle. Ke mona moo e reng ha re kula ebe re etsa thapelo ea ho lokolloa bokuling ba rona, re bile re bo bitsa ka h**e re bo baketsoe ke liabolose (matemona a bokuli), leha re sa ithute ka lona lentsoe la Molimo mekhoa e nepahetseng ea ho ja, le litataiso tsa bophelo bo botle.

3. Ho se ele hloko mekhoa ea ho phela le ho phelisana ka har'a manyalo. Ke moo e eeng e re ha re sulafalloa ke manyalo re reng Liabolose o hlasetse manyalo empa boits'oaro ba banyalani bo sa etse h**e manyalo a khahlehe a be monate. Ke moo ho ka nkuoang lihora-hora ho lutsoe thapelong eo ho thoeng e tobane le ho kopa Molimo h**e a kene lipakeng. Ke moo ho eeng ho hlahe le baruti ba ipitsang ba ka tlisa litharollo manyalong 'me re be re ts'abele ho bona empa re sa etsa boikarabelo ba rona.

4. Ho se ikobele melao e tataisang likamano le batho ba bang. (baamani, baahisane, basebetsi-'moho jj). Ke mona moo mokreste a reng o hloiloe 'me tharollo ke thapelo feela.

THAPELO E BOHLOKOA, EMPA HO BOLOKA MELAO EA MOLIMO HO KA RE QOBISA MATHATA A MANGATA AO RE TOBANANG LE OONA E BILE RE A JARISA LIABOLOSE LE MOO A SA KENYANG LETSOHO.

Ka Sabbath seo re tlang re se lebile (25-04-2026), re tla ho matlafatsa bo-ntate le bahlankana.
24/04/2026

Ka Sabbath seo re tlang re se lebile (25-04-2026), re tla ho matlafatsa bo-ntate le bahlankana.

Address

Thaba-Tseka

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Seventh-Day Adventist Church Thaba-Tseka Zone posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Shortcuts

Share