House Of Redemption Church, Molumong

House Of Redemption Church, Molumong We are here celebrating the second coming of Our King Lord Jesus Christ. Behold he is coming soon....

26/08/2024

Khotso bo mme le bontate morena Jesu kreste a le etse hantle.
Ntse re bala lengolo la Baroma .
🎖️ Sehlooho se seholo sa lengolo lena ke *: _Evangeli ea Pholoho*
🎖️Hona le likarolo tse kholo tse 5 kahare ho lengolo la Baroma, ke tsena:
✨1. Motho e mong le e mong o hloka Pholoho. Baroma khaolo 1 ho ea 3:20.
✨2. Pholoho e fanoa ka tumelo. Baroma khaolo 3:21 ho ea 4:25.
✨3. Pholoho e fetola boemo ba rona le Molimo. Baroma khaolo 5 ho ea 8.
✨4. Molimo o pholosa BaJuda le Balichaba ka tumelo. Baroma khaolo 9 ho ea 11.
✨5. Pholoho e tlisa phetoho maphelong. Baroma khaolo 12 ho ea 16.

*Ha re ithuteng 'moho karolo e qalang . Baroma 1-3:20* morena Jesu kreste a le hlohonolofatse.
*_ # Ea bohlale o ithuta kamehla_*

01/07/2023

14 Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.

27/03/2022

A tlisoa ka pela Pilato, ba monqosa teng ho Pilato, bare o ts'oanetsoe ke lefu, o ferekantse sechaba.

A sa buee Jesu monga rona, A re ho phethehe ka eena, batho ba fumane ts'oarelo ho Molimo ntate ka eena.

O ea kae Jesu monga rona, o re siea hara tsietsi, o re re sale re rapela re be re apesoe Ka matla.

Mohla a na nkoa ke leru, holima thaba ea mehloare, o na phahamise liatla, tse mali tse maqeba qeba.

A re khotso e be le lona,le be le ee Jerusalema, le be le sale le rapela, le be le Ă pesoe ka matla...

26/03/2022

Mathew 22
36 Moruti, taelo e kholo ea molao ke efe na?
37 Jesu a re ho eena: Ke e reng: Rata Morena, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka khopolo ea hao eohle.
38 Molao oo ke o moholo oa pele.
39 ’Me oa bobeli, o tšoanang le oona, ke o reng: Rata oa heno joalo ka ha u ithata.
40 Melao e ’meli eo ke motheo oa molao oohle le oa baporofeta.
41 Bafarisi ha ba phuthehile, Jesu a ba botsa,
42 a re: Le re’ng ka Kreste? Ke mora oa mang na? ba re ho eena: Ke oa Davida.
43 A re ho bona: Ha ho le joalo, na Davida ha a bolelisoa ke Moea, o ’mitsetsa’ng morena oa hae, ha a re:
44 Morena o itse ho moren’a ka: Lula letsohong la ka le letona, ke be ke bee bao e leng lira ho uena bonamelo ba maoto a hao?
45 Na Davida ha a ’mitsa morena, e ka ba mora oa hae joang?
46 Ha hoa ka ha e-ba motho ea tsebileng ho mo araba letho, ’me ha e sa le mohlang oo, ha hoa ka ha hlola ho e-ba ea betileng pelo ho ’motsa.

20/03/2022

Psalm 100
1 Phahamisetsang ho Jehova mehoo ea lōna ea thabo, lōna kaofela ba lefatšeng.

2 Sebeletsang Jehova ka nyakallo, le itlhahise pel’a sefahleho sa hae ka lipina!

3 Le tsebe hobane Jehova ke Molimo! Ke eena ea re entseng, ’me re ba hae, re sechaba sa hae, re mohlape o alosoang ke eena.

4 Kenang likhorong tsa hae ka liteboho, le mabaleng a hae ka lithoko! Mo leboheng, le rorise lebitso la hae!

5 Hobane Jehova o molemo, mohau oa hae o hlola ka ho sa eeng kae, le botšepehi ba hae melokong le melokong.



08/03/2022

Kea le lumelisa ka lebitso la Morena Jesu krest.

05/12/2021

Mathew 11:28
28 Tloong ho ’na, lona bohle ba khathetseng, ba imeloang, ’me ke tla le imolla!

29 Inkeleng joko ea ka, ’me le ithute ho ’na; hobane ke mosa le pelo e nolo, ’me le tla fumanela meea ea lona phomolo.

30 Hobane joko ea ka e chatsi, le phahlo ea ka ha e na boima.

22/07/2021

Ts'ebeletso ea bomme e ntse tsoela-pele labone le Leng le leng ka hora ea boraro.
U ka tla le uena, ra sebeletsang 'moho h**e Molimo o re thuse:
✨Ho hola moeeng
✨Ho holisa bana
✨Ho rapella ba beiloeng boholong

Address

Sehlabaneng, Mpharane
Mokhotlong

Opening Hours

09:00 - 17:00

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when House Of Redemption Church, Molumong posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share