24/10/2025
*Rosari e Halalelang*
Tsatsi la 22
*Tsoho ea Jesu*
*1. Mangeloi lebitleng*
" Me bonang, ts'its'inyeho e kholo ea lefatse ea eba teng; lengeloi la Morena la theoha leholimong, la fihla , la phikolosa lejoe, la ba la lula holima lona. Sefahleho sa lona se ne se le joaloka lehalima, le seaparo sa lona se le joaloka lehloa. Ka baka la ho ts'aba, balebeli ba ts'oha haholo, me ba eba joaloka hoja ba shoele, eaba lengeloi Lea bua me la re ho basali: Le se le la ts'aba; kea tseba le batla Jesu ea neng a thakhasitsoe. Ha a eo mona, hobane o tsohile bafung joaloka ha a na boletse... Me ka ha ba saretsoe moeeng ke hona, ha etsahala h**e banna ba babeli ba eme pela bona ka liaparo tse benyang. Me ka ha ba ile ba ts'oha, me ba inamisa lifahleho, banna bao ba re ho bona: Ha a mona empa u tsohile. Hopolang kamoo a neng a le bolelle ka teng ha ntsa le Galilea.
Alleluia! Kriste o tsohile! O hlotse lefu le lihele, O hlotse lira tsa ka ka ho etsa mohlolo o moholo, o pakang Bo-Molimo ba hae ho bohle, me oo e leng motho oa thuto ea hae. Hammoho le lengeloi, re khumameleng Jesu, Molimo oa rona. Re ka tsa'abang hara litsietsi le lihloriso tseo re li fumanang, Na ha se tsoanelo h**e re kene letlotlong ka tsona joaloka Morena oa rona? Ka morao ho nako ea morena oa lefifi, e tla ba nako ea Molimo, me lengeloi la tsoho le tla hlaisa lira tsa rona lihlong ka ho felisa tsepo ea tsona e se nang motheo .
MOHLALA
Ho hlola bakhelohi ba ma- Albigenses, e ne e le taba ea Maria , me a rata ho bo felisa ka rosari. Eitse ha Dominic ea halalelang a hloma kopano ea Rosari e halalelang, bo ile ba feela hanyane ka hanyane, ke seo morena Papa Pius oa V ea halalelang, a se bolelang lengolong la hae ho bakriste, (Consuevererunt), moo a reng: " mohla Bakriste ba qalileng ho matlafatsa ka ho inahana la misteri tsa rosari, (ba nchafatsoa ke thapelo ea rosari), lefifi la bakhelohi la nyamela, me tumelo ea bakriste ea boela ea khanya Joaloka pele."
THAPELO: litania tsa Maria Movirigo