04/09/2026
ππ ππ‘π π π πππππ π ππ§π¦ππ‘π ππ’π₯π πππ§ππ’ ππ π¦πππ πππ₯πππ
Re se re bone h**e Bakreste ba fetang limillione tse peli selemo le selemo ba nyahlatsa kereke, βme maemo ana a susumetsoa ke maiphihlelo a fapakaneng a bophelo a akhang:
β’ Ho utloisoa bohloko le ho lemala maikutlong: Ho hlekefetsoa ke baetapele ba kereke, ho ahloloa le ho tsβoareha hampe kerekeng ho etsa ba bang ba furalle kereke.
β’ Boikaketsi: ho bona baetapele kapa litho tse hlahelletseng ka mahetla kerekeng li phela maphelo a mabeli a fapaneng ha bale kerekeng leha ba le kantle ho kereke. Boemo boo bo thefula tumelo, βme bo etsa ba bang h**e ba nke Bokreste ele tumelo ea boikaketsi feela.
β’ Litloaelo tse hanyapetsang: Ho laeloa le ho qobelloa ka thata ho fana ka chelete kerekeng, melao e boima e bofellang batho meetlong ea kereke le litloaelong tse ling tse fetolang batho makhoba a kereke li tlisa khatello ea maikutlo hoo batho ba bang ba etsang qeto ea ho e hlaba ka monkhoane.
β’ Ho ba le lipelaelo le lipotso tse ngata: Batho ba bang ba iphumana ba sa phuthuloha ho hang ho botsa lipotso tse thata tse tobileng Bibele le nalane. Ho botsa boetapele hoa nka ele ho hlasela kereke kapa ho tella, βme boemo boo bo etsa h**e ba bang ba etse qeto ea ho itokolla.
β’ Ho fetola tumelo: Batho ba bang ba qalella hoba le kutloisiso e fapaneng ka Bibele kamora ho ithuta lithuto tsa mahlale (science), ho sheba tsela eo batho ba ba pota-potileng ba phelang ka teng, le nakong eo ba fumanang h**e kutloisiso ea bona ka Molimo ese e fapana le thuto eo kereke e e rutang.
β’ Ho hlora: Batho ba bang ba iphumana ba hlorile ba sitoa ho etsa setsoalle kerekeng, βme ba ikutloa ba sa tsotelloe leha ba ka lula kahara matsβoele-tsβoele a tlileng kerekeng.
β’ Tsβebeliso ea marang-rang: Kajeno ho so le bobebe ho shebella litsβebeletso tsa kereke marang-rang, βme batho ba bang ba utloa ho le molemo ho ikenela kereke ba ituletse malapeng a bona ba sena le khatello ea maikutlo
Ekaba uena u ile ua e siea ka lebaka lefe ngoaneso?