08/09/2026
🥖 *MANNA A LETSATSI*
🗓️ *LETSATSI:* 08 Loetse 2026
*SEHLOOHO: KOTSI EA TAKATSO E FETELETSENG*
🔑 *TEMANA EA MANTLHA:*
_“Eaba Adonija, mor’a Haggithe, o ikhohomosa, a re: E tla ba ’na morena. A ipatlela makoloi, le bapalami, le banna ba mashome a mahlano ba mathang pel’a hae.”_(1 Marena 1:5).
📜📜*PALO*:1 Marena 1:1-13
*MOLAETSA*:
Dwight Lyman Moody, moevangeli oa Amerika, therong e 'ngoe ea hae, o ile a re “Satane o busa batho bohle ba kahar’a 'muso oa hae. Ba bang o ba busa ka takatso ea nama(bohlola). Ba bang o ba busa ka takatso ea leruo. Ba bang o ba busa ka pelo e ts'oeu. Ba bang o ba busa ka pelo e khutsoanyane, empa oa ba busa. 'Me ha ho ea tla batla ho lokolloa ho fihlela mahlo a hae a tutuboloha, 'me a bona h**e o litlamong.”
Ho latela palo ea rona, Adonija, mora oa bone oa Davida, kamor'a Amnone, Kileabe le Absalome, o ile a tšoaseha lerabeng la takatso e sa lokang. Amnone, mora oa pele, ea neng a entse bohlola le khaitseli ea hae Tamare, o ne a se a bolailoe, ha Absalome, mora oa boraro, ea neng a ile a etsa morero oa ho liha ntat'ae 'musong, le eena o ne a bolailoe. Ha ho letho le neng le tsejoa ka Kileabe, mora oa bobeli oa Davida, ea tsoetsoeng ke Abigaele, mohlolohali oa Nabale oa Karmele. Adonija, ea neng a batla ho ba morena sebakeng sa Solomone, e ne e le mora e moholo ea neng a sa ntse a phela. Ka hona, Adonija o ne a nahana h**e e tla ba ena morena ea hlahlamang ntat'ae Davida, ea neng a se a tsofetse haholo. O ile a etsa merero ea ho phethahatsa sepheo sa hae. O ne a tseba h**e ntat'ae o tla shoa haufinyane, 'me a fumana tšehetso ea Joabe, molaoli oa mabotho a Davida, le Abiathare moprista ea ho mo etsa morena. Empa Tsadoke moprista, Nathane moporofeta, Benaia le balebeli ba Davida ba ile ba hana ho mo tšehetsa.
Leha ho le joalo, Adonija o ile a tsoela pele ka takatso ea hae ea boikhabo, a rera ho etsa mokete moo a neng a tla iphatlalatsa e le morena e mocha. Ha ho motho ea ka mathang kapele ho feta Molimo. Takatso e feteletseng ea Adonija e ile ea mo lebisa lefung la hae la kapele. Solomone o ne a bile a sa loanele ho phethahala ha tšepiso ea Molimo ea h**e e tla ba eena ea tla hlahlama ntat'ae.
Seo Molimo O se khethetseng uena se tla phethahala ruri, ho sa tsotellehe mano a lira. O tseba ho senya morero oa lefifi o loantšang mosebetsi oa hau, khoebo ea hau, phahamiso ea hau le lelapa la hau. Rapela, ‘me u tšepe Molimo. Ho feta moo, ho lokela ho hlokomeloe h**e ngoana oa Molimo ha a tšoanela ho ikemela le ho sebelisa matla a nama ho laola litaba tsa hae. Hang ha re le ho Kreste, re tšoanetse ho mo tšepa ka bophelo ba rona bohle, re tšepile h**e Ea re pholositseng O tseba se molemo bakeng sa rona nakong ena le bosafeleng. Kabelo ea hau, ka hona, ke ho mo tšepa feela ka ho fetisisa pelo ea hau.
✍️ *MOHOPOLO OA LETSATSI:*
Takatso e mpe ea maemo e tlisa mahlomola a patehileng.
📖 *PALO EA BIBELE KA SELEMO:*
Levitike 25-27