Realities of faith in Christ Jesus

Realities of faith in Christ Jesus Jesus is concerned about your character

18/03/2023

Molimo ha o baloe le nako,ka mantsoe a mang,ha ana maobane kapa hosasa.
Nako e fetileng ho rona,e kahara letsoho la hae,kahona,hahona moo e fetetseng teng.
Ho Eena hahona nyaroso(surprise).
Hosasa ho rona,ho Eena nako eohle e fella ka hara letsoho.
Molimo oa rona ha o baloe le nako.
Kahona,rona bana ba hae rere re na le tsohle.tseo le reng lia tla,rona rere se li tlile ebile rena le tsona.
"Ea nang le litsebe"

21/05/2022

God is calling us to walk in the supernatural
John 14:12
Devil strategise his operations in powers that supases mere natural human ability
So we need supernatural power to conquer
We need to always be a step ahead

Jesus did obey God and made it possible for a man to obey Him too.
09/06/2021

Jesus did obey God and made it possible for a man to obey Him too.

13/01/2021

None of all presidents ever proclaimed national fast?
Does that mean they're all ungodly rulers?
How do we choose leaders?

Molimo ha o so fetohe
13/01/2021

Molimo ha o so fetohe

(Pesalema 127:1)Ekare ha e se Jehovah ea ahang ntlo,ba e ahang ba sebeletsa lefeela
13/01/2021

(Pesalema 127:1)
Ekare ha e se Jehovah ea ahang ntlo,ba e ahang ba sebeletsa lefeela

05/01/2021

(Bakhalata 6:7). Le seke la thetsoa

Molimo ha o sonngoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.

Lentsoe la Molimo le fana ka li principle
Ho tsoa ho motho ka bo mong ho li kenya ts'ebetsong kapa ho li furalla.

Ka hobane batho ba fetohile bautlui feela ba sitoang ho phetha,ba sitoa ho bona 'nete ea lentsoe la Molimo ba balehela linthong tse ts'oarehang tsa bokhelohi joalo ka letsoai,oli,le metsi.
Ke lebaka lena moapostola Paulosi a itseng, "Le seke la thetsoa".
Ha re mameleng le ho latela likomelo tsa lentsoe la Molimo re tla kotula ka thabo.
Molimo o u hlohonolofatse, " Amen".

16/09/2020

SELEKANE SA BAHALALELI

Ho latela epistole ea pele ea Paulosi ho bakorinthe 10:17 le 12:25-27 le Johannes 17:22
Pele re ka kopanela kapa ra ba ntho ele 'ngoe le Morena Jeso,re tlameha ele rona,ho kopana pele re be bang,re be 'mele o le mong.
Empa ea sa hokahaneng le ba bang,ke lekala le khaohileng sefateng, 'me le sitoa ho beha litholoana.

Batlisisa mangolong o rapele h**e o fumane phutheho ea sebele o kopanele le eona

God bless you all

26/08/2020

MAIKUTLO LE MEHOPOLO

Baheberu 4:12 ,(poleloaneng ea ho qetela hona temaneng ena)

Mehopolo le maikutlo li sebetsa 'moho ho simolla 'nete le kutluisiso ea sebele.
Empa ho ka etsahala h**e lintho tse peli tsena li hane ho sebetsa 'moho ka lebaka la lItloaelo li boits'oaro ba motho.'Me ha ho le joalo,mong'a tsona o e a liehe ho utluisisa h**e na taba e seng ele matsohong e lokela ho mo nea boikutlo bofeng.

Mohlala: Mosotho o tla utloa a se a re, "Lefu leholo ke lits'eho".
Ke hobaneng ha motho a qala ka ho ts'eha ha a bolelloa ka maemo a bohloko,joalo ka ho lelekoa mosebetsing?
Ke hobane mehopolo(kelello) e hopotse h**e taba li mpe,empa e maikutlo ha a esoka a fetoha ele ho ipapisa le maemo a litaba,ke lebaka lena lefu leholo le fetohang lits'eho.

Lipakeng tsa pelo le mehopolo ho na le seporo se tsamaisang melaetsa.
Ha se nkile nako e telele se sa sebetse,se ka ba mafome hoo khokahano ea pelo le mehopolo e ka bang boima.
Litholoana tsa boemo bona ke ho hloka 'nete.
Le ha o re, "sorry" hakaalo empa ha e tsoe pelong.
Batho ba bangata ba rapela empa thapelo tsa bona ke lefeela ka ha ha li tsoe pelong ke mehopolo e fefoloang ke moea.
Barapeli ba sebele ba rapela ka Moea le ka ('nete).

16/08/2020

SELALLO

Johanne 6:53 >Jeso a re ho bona:Ka 'nete-'nete ke re ho lona: ekare ha le sa je nama ea Mor'a motho,le sa noe mali a hae, le ke ke la ba le bophelo ka ho lona.

Testamente e ncha le ea khale li re thibela ho ja kapa ho noa mali,lebaka ke h**e bophelo bo maling.Ha o ja/noa mali a phoofolo, o kenya bophelo ba eona ka ho uena.

Joale ha o noa mali a Morena Jeso o kenya bophelo ba hae ka ho uena.
Ke lebaka lena ba-khumameli ba satane ba noang mali a batho ele ho leka ho ikhapela maphelo a bona kaha bona ba shoele.

Kajeno boetapele ba Kereke bo ikhethetse ho iphapanyetsa selallo le ho tima ba-Kreste selallo,'me taba ena e thabisa sera.
Kereke e nkile taba ena hanyane ethe ke hona moo taba eleng teng.

Liketso 2:42 Ba ne ba tiisetsa thutong ea ba-apostola,le kopanong ea boena,le ho ngoathoeng ha bohobe,le merapelong.

22/07/2020

KUTLO,TUMELO LE KETSO

O lumela seo Molimo o se bolelang le ha se bonahala eka ha se khonehe,ke eona TUMELO.
Abrahama o ile a lumela polelo ea Molimo, a etsa ka eona le ha a ne a sa tsebe tsa moo a eang.'Me hoo a ho balloa ele ho loka.

Ha Molimo o buile,polelo ea hae e lateloa ka TUMELO.
Ha re laela Molimo ho etsa thato tsa rona,joale ke mang a latelang litaelo?
Na Molimo ke eena ea lumelang ho rona kapa ke rona re lumelang ho eena?
Ho rona le eena,ke mang ea mamelang litaelo?
TUMELO e tla ka kutlo,ha re fela re utloa Molimo,re tla etsa kamoo eena a ratang kateng le ha maemo a sa lumele.

20/07/2020

Bohlale ke ho etsa qeto e nepahetseng ka nako.
Ekanna eaba o bona o entse qeto e nepahetseng(o le bohlale)empa hee re tla boka ha li oroha.

Address

Mokhotlong Reserve, Plot Number 134
Maseru
500

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Realities of faith in Christ Jesus posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share