12/11/2024
❗Eba hlokolosi 卄a O Araba!
Abu Hurairah رضي الله عنه o tlalehile: Moporofeta ﷺ o itse:
❝Motho o bua lentsoe le khahlisang Allah a sa le nke e le la bohlokoa e be Allah O phahamisa maemo a hae (Jannah); e mong o bua lentsoe le sa khahliseng ho Allah a sa le nke le le bohlokoa, ka lebaka lena, o tla teba ka Liheleng.❞
[Saheeh al-Bukhārī]
Iblees o ile a etsa sebe le Adama عليه السلام a etsa sebe.
Emong le emong oa bona a botsoa potso.
Iblees o ile a botsoa: “Ke hobane’ng ha u sa ka ua inama?”
Eaba Adama عليه السلام le eena o oa botsoa: “Ke hobane’ng ha u ne u ja tholoana tsa sefate seo u neng u se hanetsoe?”
Bobeli ba bona ba ile ba botsoa potso!
Ha ho ka ba ha e ba le kahlolo kapa phetetso ea hang-hang.
E mong le e mong oa bona o ile a botsoa potso!
Bothata bo hlaha hangata liketsong tsa hao, boitšoarong le linthong tseo u li nahanang. Karabo ea hau e sa nahanisoang pele ke moo bothata bo qalang teng. Tsela eo u khethang ho araba potso ka eona ke eona e laolang pheletso ea hau.
Iblees o itse: “Ke molemo ho mo feta!” Kahoo, o ile a lelekoa Jannah ’me a fuoa thohako.
Iblees ha a ka a lelekoa Jannah hang-hang hobane a hanne ho insma/khumama, ho e-na le hoo, karabo ea hae potsong, ka boikakaso le ho hana, ke eona e ileng ea tiisa pheletso ea hae.
Ha e le Adama عليه السلام, ha a botsoa: “Ke hobane’ng ha u ne u ja tsa sefate seo u neng u thibetsoe ho se atamela?” Karabelo ea hae e bile efe?
Ha aa ka a re: “Ke lebetse!”, ’me ha aa ka a bua leshano kapa hona ho fana ka mabaka, ho e-na le hoo, ha aa ka a arabela. A thola! Kahoo, Allah A mo ruta mantsoe a pako.
Kahoo, Adama عليه السلام a ikokobetsa ’me a lumela phoso ea hae, a re: “Mong’a rona! Re iphoselitse ka borona.”
A baka, a re: “Haeba O sa re ts'oarele, Oa re hauhela, ruri re tla be re le hara ba lahlehetsoeng.
Khokahano e ileng ea khaoha ka lebaka la ho se mamele, Adama عليه السلام o ile a leka ho tsosolosa kamano eo le Mong`a Hae ka ho amohela molato le boikokobetso.
Kahoo, Aa