26/03/2024
Jesu o hlalosa tsa lefu la hae. — Ho se dumele ha Bajuda.
Johanne 12
20Ha bo ho le Bagerike hara ba tlileng moketeng ho rapela. 21Ba tla ho Filipi wa Bethsaida wa Galilea, ba mo kopa, ba re: Monghadi, re rata ho bona Jesu. 22Filipi a tla, a bolella Andrease, mme Andrease le Filipi ba bolella Jesu.
23Jesu a ba araba, a re: Nako e tlile eo Mora motho a tla tlotliswa ka yona. 24Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha hlaku ya mabele, e wetseng mobung, e sa shwe, e tla dula e nnotshi; empa ha e eshwa, e hlahisa dijo tse ngata. 25Ya ratang bophelo ba hae, o tla lahlehelwa ke jona; empa ya hloyang bophelo ba hae lefatsheng lena, o tla bo bolokela bophelo bo sa feleng. 26Ekare ha motho a ntshebeletsa, a ntatele; mme moo ke leng teng, ya ntshebeletsang le yena o tla ba teng; ekare ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo tlotlisa. 27Jwale, moya wa ka o a sisimoha; mme ke tla reng? Na ke tla re: Ntate, o ntwele nakong ena? Empa ke yona ntho eo ke tletseng nako ena. 28Ntate, tlotlisa lebitso la hao! Yaba lentswe le a tla le etswa lehodimong, la re: Ke se ke le tlotlisitse, mme ke tla nne ke le tlotlise! 29Bongata bo emeng moo, hobane bo utlwe, ba re: Le dumile. Ba bang ba re: Lengeloi le buile le yena. 30Jesu a araba, a re: Lentswe leo ha le a etsetswa nna, empa le etseditswe lona. 31Jwale, e se e le kahlolo ya lefatshe lena; jwale, morena wa lefatshe lena o tla lelekelwa ntle. 32Mme nna, etlare hobane ke nyollwe lefatsheng, ke tla hulela batho bohle ho nna. 33A rialo a lekanya lefu leo a tla shwa ka lona.
34Bongata ba mo araba, ba re: Rona re utlwile ka molao h**e Kreste o tla ba teng ka ho sa feleng, mme wena, o bolela jwang hobane e ka kgona Mora motho a nyollwe na? Mora motho eo ke mang? 35Jesu a re ho bona: Le sa na le lesedi ka motsotso o se okae. Tsamayang ha le sa na le lesedi, h**e lefifi le se ke la le tshwara; hobane ya tsamayang lefifing, ha a tsebe moo a yang teng. 36Ha le sa ntse le ena le lesedi, dumelang ho lesedi, le tle le fetohe bana ba lesedi.
Jesu a bolela taba tseo.
Thapelo
Molimo Ntat'a rona, Mora oa hai o sekelehetse ba mo jabelang lerama la hae. O ikokobelitse tlas'a ba mo rohakang. U ke u re nee sebete le mamello, re tle re amohele linyatso le litšeho, esita le litlhapa re ntse re bolokile Tumelo e tiileng ea h**e re tla senoleloa khanya ea hao, ka baka la Jesu Kreste, Morena oa rona.Amen.