22/04/2026
Utloa ntate Maloka Phamotse ha a bua ka ntate Mohau Letete tichere le motsoali oa ba bangata eo ebileng tichere Leribe mona pele a theha Molapo High School.
LESOLE LA NTOA EA BOBELI EA LEFATS'E LE OROHELA BALIMONG
Pelesa lia shoa meroalo e sale, a sale a boela tlung marapo, nnete a tla sala a bofa mathapisana. Ho oele qhoku ea Linare, morena Oa Amerika Hlotse, ebile e le mothehi Oa sekolo sa Molapo HS, kaholimo ho tsohle mohlabani Oa mehleng ntoeng ea bobeli ea lefats'e. E mong Oa bakoetlisi baka litabeng tsa bochaba le nalane. Eena le bo-ntate Lesitsi le ntate Sebapalo ba St. Monica's mono ke bona ba ts'otsitseng poho ena ea hlakoaneng linaka. Basotho ba ne ba bolela ha ba re "Ea e-shoa ea siea lekoko Khoalibe, ea mpa ea soetsa bana lebeseng, empa lekoko la eona phate ra sala re ala". Ke hona mona moo litaeo le likeletso tsa hae e tlang ho ba eona phate eo re tlang ho sala re mo hopola ka eona.
Athe Molapo mono teng o teile ka banna le basali ba thata haholo bophelong le boiphihlelong ba bophelo. O re siea tjena sekolo sa Molapo HS e le se seng sa likolo tse hlano tse hlahelletseng ka mahetla Lesotho. Ka hona ha ho potang h**e o phomotse ka khotso.
Ke ts'elisa Linare e le sechaba, Linare e le sehlopha sa bolo, baithuti ba hae ba mehleng likolong tsohle tseo a kileng a sebetsa ho tsona empa haholo-holo sekolo sa Molapo HS seo a se thehileng a bile a se rehelletse ka morena Molapo Oa Moshoeshoe I. Kereke ea Fora eo a e sebellelitseng le boqhekung ba hae, lekhotla le phahameng la Lesotho moo a neng a thusa linyeoeng tsa bochaba, lelapa la Letete ka kakaretso esita le sechaba sa Amerika. Morena Oa Reserve ka Hlotse, khomo ea hau ea lesika ke ena e siea meuba thoteng, Kea u ts'elisa ntate.
Rabasotho Kea u ts'elisa ntat'a rona ka lesole lena la mehleng ntoeng ea bobeli ea lefats'e. Ho oele mosireletsi le moloaneli Oa sechaba. Ha ho le tjena Basotho bare : ho ea batho ba 'nete ho sala liesola, ebe li tla sala li esola bo-mang? "
PHOMOLA KA KHOTSO NTATE LETETE