06/09/2024
LIKAMANO (TSA LERATO, TSA MOSEBETSING, TSA SETSOALLE)
1. O se ke oa lumella khahleho ea 'mele ho o foufatsa.
Motho o na le lintho tse ngata haholo ho feta chebahalo ea hae feela.
2. O se ke oa bontša lerato la hao ha bonolo.
O se ke oa hafaka ka maikutlo a hao oa a lahlela hohle feela joaloka haeka ha se letho, ba tla o nkela menyetla 'me o ka qetella o le motho ea hlaseloang habonolo.
3. O se ke oa tela thabo ea hao ka nako tsohle ho khahlisa motho.
Batho ba na le tšekamelo ea ho se hlomphe, ho eka, le ho sebelisa motho e mong haeba ba tseba h**e o lula a fumaneha bakeng sa bona kamehla.
Haeba ba u rata e le kannete, ba tla batla h**e o thabe o be o fumane molemo joalokaha le bona ba batla ho thaba le ho fumana molemo.
4. O se ke oa thetsoa ke mantsoe a monate.
Batho ba bang ke likheleke tsa mantsoe a monate ao ba ke keng ba a boloka kapa hona ho phethahatsa kamoo ba buileng kateng.
Ho e-na le ho thetseha ke mantsoe, talima 'me o ele hloko seo ba se etsang ho e-na le seo ba se buang.
5. Le ka mohla o se ke oa tatela ho bolella motho liphiri tsa hao tsa khale kapa makunutu a hajoale. Sena ke kenyelletsa le merero ea hao ea bokamoso!
Batho ba tsebang makunutu a hao a tebileng kapa mefokolo ea hao ba ka o hlahisa kotsi le hona ho o timetsa.
HLALEFA!