Sekolo Sa Kereke - Catholic School

Sekolo Sa Kereke - Catholic School Ithute ka kereke e Kh'atholike. Thuto ea Kereke, Lithapelo, Liketsahalo tsa moraorao.

Kajeno Baena Ba Setefane Lesotho kaofela ba tla qala reterete ea bona ea Naha St. Monica’s Cathedral koano Leribe ka Let...
07/12/2022

Kajeno Baena Ba Setefane Lesotho kaofela ba tla qala reterete ea bona ea Naha St. Monica’s Cathedral koano Leribe ka Letsatsi la sepotso sa Mosireletsi oa Kopano ea rona “Kemolo e senang sekoli ea Maria”.

Mokete oa Kemolo E Senang Sekoli (Mosireletsi oa Kopano) 08 Ts’itoe 2021

Ka la 08 Ts’itoe, Kereke e keteka le ho tlotla Kemolo E Senang Sekoli ea Maria ‘M’a rona.
Batsoali ba rona ba pele (Adama le Eva) ba ile ba khopisa Molimo ka ho etsa sebe. Ka lebaka leo; ngoana emong le emong o hlaha popelong ea ‘M’ae a ena le sebe sa tlhaho hobane re le majalefa a sebe seo sa Adama le Eva, batsoali ba rona ba pele.
Maria Movirigo o ile a fuoa mpho e bokhabane ke Morena Molimo. O ile a emoloa popelong ea Anna ea Halalelang ‘M’ae a hloka sebe sa tlhaho. Mofumahali o ne a tla balehela lefats’e Jesu, mora ea inotsi oa Molimo. E mobe le meea eohle ea hae ene e sa lokeloa ke hoba le taolo le ha ele e nyenyane feela holima Maria. O ne a sena le letheba le lenyane la sebe ‘M’a rona ea khahlehang.
Ke ka hona kereke e re rutang ho re ha re rapela re re; “ U motle, oho Maria, Moeeng le ‘meleng oa hao. Sekoli sa hlaho ha senyo ho uena...” Ke ka hona Molimo a mo apesitseng ka tlotla ena ea ho bitsoa Kemolo e Senang Sekoli.
Ka Selemo sa 1854, Mopapa Puis IX o ile a phatlalatsa le ho tempa ho lefats’e lohle ho re ntle ho khoao ea letho, Mofumahali o emotse a sena sebe. Lilemo tsa 4 kamorao ho moo, Mofumahali a itlhahisa ho Bernadette ea Halalelang, Lourdes. Ha Bernadette a botsa Mofumahali enoa e motle na ke mang. Maria a kopanya matsoho a hae sefubeng, a lelaletsa mahlo a hae leholimong a ntane ho re; “ KE NNA KEMOLO E SENANG SEKOLI.”💙

Hobaneng ka la 8 Ts’itoe?

Ke thuto tsa mahlale a bophelo ba matho (Human Biology🧬). Nako ea kemaro Ke likhoeli tse robong (9). Joale re ea tseba ka la 8 Loetse Kereke e keteka tsoalo ea Maria (Nativity/ Birthday of Mary). Ke h**e ha eba Maria o hlahile ka la 8 Loetse, Kereke e hakanya h**e Maria o emotsoe likhoeli tse robong tse fetileng eleng ka la 8 Ts’itoe. Re qeta ho qala selemo se secha sa Kerekeng ‘me ke moo re keteka Kemolo ea Maria, Ke h**e ka morao ho likhoeli tse robong hantle ho tloha kajeno re tlabe re keteka tsoalo ea Movirigo. Eleng ka la 8 Loetse 2022.

Ha re ketekeng ha monate Bahlanka ba Morena.

B A S E R E L E T S I B A K O P A N O L E R E R A P E L L E

U motle, oho Maria 💙💙💙
08/12/2021

Archbishop Elect of the Archdiocese of Durban.Kajeno Ntate ea halalelang o thontse Bishop Siegfried Mandla Jwara e le Mo...
09/06/2021

Archbishop Elect of the Archdiocese of Durban.

Kajeno Ntate ea halalelang o thontse Bishop Siegfried Mandla Jwara e le MoArekaBishopo e mocha oa Diocese e kholo ea Durban.

Mats’eliso a ntate ea Halalelang ho Mobishopo oa Mohale’s Hoek ntate Mohlomphei John Joale Tlhomola ka lefu la Mo Cardin...
21/04/2021

Mats’eliso a ntate ea Halalelang ho Mobishopo oa Mohale’s Hoek ntate Mohlomphei John Joale Tlhomola ka lefu la Mo Cardinal Sebastian Koto Khoarai, Mobishopo oa Mehleng oa Mohale’s Hoek🕯🕊♥️

21/04/2021

Khosana ea Kereke e Khatholike♥️🕊🕯 Sebastian Cardinal Koto - Mocardinal oa pele oa Mosotho e bile ele oa bobeli oa Le Oblata lefats’eng.

Moea oa Hae le oa balumeli bohle ba faletseng e phomole ka khotso ka mohau oa Molimo 🕯

Ha ba behoeeeeeeee♥️♥️♥️
09/04/2021

Ha ba behoeeeeeeee♥️♥️♥️

Beke e Halalelang
29/03/2021

Beke e Halalelang

Leeto la Boapostola le khotso La Ntate ea Halalelang naheng ea Iraq🇮🇶Mopapa Francis o ngotse nalane maobane (Labohlano 0...
06/03/2021

Leeto la Boapostola le khotso La Ntate ea Halalelang naheng ea Iraq🇮🇶

Mopapa Francis o ngotse nalane maobane (Labohlano 05/03/2021) hanyane kamora hora ea 2pm ha a tsorama boema fofane ba Baghdad's International naheng ea Iraq. Ntate ea Halalelang Francis ke mopapa oa pele oa ho hata naheng. Leetong lena la khotso la hae la bo 33 la boapostola ba machaba o khethile ho ea Iraq ele ho tsosolosa meea ea bakriste le ho ba khothaletsa ho aha bocha naha ea bona kamora lintoa le lipolaeo tse sehloho tse bileng naheng eo.

Ka selemo sa 2017 ka Pulungoana khoebo ea likoloi tse majabajaba ea Italy e ile ea phallela Mopapa Francis ka koloi ea Lamborghini Huracán. Ntate Francis o ile a hlohonolofatsa koloi 'me ea isoa fantising (Auction). Ka 2018 koloi eo e ile ea rekisoa $950 000. Karolo ea chelete eena ea thekiso ea koloi eena ntate o ile a phallela Iraq ho re e a he bocha meaho e 'meli e sentsoeng ke Mmuso oa Iraq nakong ea ntoa, meaho eena ke sekolo sa Syrian Catholic Nursery School le Kereke e reretsoeng ho tlotlisa Maria Movirigo. Bobeli meoho ena e qetetsoe selemong sona sena.

Leeto la Semmuso ho Iraq.

Ntle le leeto la thapelo le khotso la Morena Papa moo a tla lula matsatsi a mane Middle Eastern. O kene leetong la Semmuso
maobane haa fihla Iraq moo a kopaneng le President Barham Ahmed Salih Qassim moo ho bitsoang "Presidential Palace" eleng moo President ea Iraq e kopanelang le likhoho tsa linaha tse ling teng ha ba etetse naheng ea Iraq.

Ntate Francis otla khutleng motseng oa Vatican ka Mantaha oa 08/03/2021.

04/03/2021
04/03/2021

Oho Morena re a u adora, re a u boka....Hobane o lopolotse lefats'e ka Sefapano sa hao.♥️

Address

St Paul Street
Butha-Buthe

Telephone

+26658171738

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Sekolo Sa Kereke - Catholic School posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share