Global Evangelism Ministries - GEM

Global Evangelism Ministries - GEM Proclaiming the Gospel, making disciples, and equipping spiritual leaders for the work of ministry.

19/07/2024

Na u sa tsoa etsa qeto ea ho amohela Kreste bophelong ba hao haufinyane?
Leha ekaba khale u le Mokreste empa ha u so fumane thuto e hlophisehileng e u tsebisang Kreste eo u lumetseng ho eena haholoanyane - mokhatlo oa GEM o ka u thusa ka lithuto tse sa lefelloeng.
Ho fumana lintlha ka botlalo letsetsa/WhatsApp 5992 8845; 6722 0711

14/07/2024

Na u 'moleli oa Evangeli 'me tšebetsong ea hao ho ba le batho ba sokolohang?
Ba fumanele lithuto tse thusang ho tseba haholo ka pholoho esita le ho tebisa metso ho Kreste.
Mokhatlo oa GEM o fana ka lenaneo la lithuto tsa borutuoa tsa qalong (basic discipleship programme) la lithuto tse 14 tseo o ka thusang balumeli ba bacha.
Iphimanele tsona liofising tsa rona ntle ho tefiso.
Ho fumana lintlha ka botlalo:
Letsa/WhatsApp: 5992 8845/6722 071+

Na u ne u tseba?Li seminar tsa LTEE lekhetlo le leng le le leng li ba le thuto e ikhethang e rutoang.Round ena Pastor Jo...
08/07/2024

Na u ne u tseba?
Li seminar tsa LTEE lekhetlo le leng le le leng li ba le thuto e ikhethang e rutoang.
Round ena Pastor Joseph Mpakanyane o ntse a ruta ka taba ena e kholo: LEFATŠE LE HLOKA NTATE.
Na u bona bobe le bolutu 'moho le mahlomola a aparetseng lefatše la habo rona.
Thuto ena e bohlokoa haholo.

01/05/2024

You will never be great if you do not know how to recognize those who became great before you and who planted the tree under which you hide from the sun.

09/04/2024

MENYAKO E RE FIHLISANG MOO RE EANG

“... Ke lebala tse kamorao, ‘me ke hahamalla ho tse ka pele; ke mathela moo ho lekantsoeng teng, e leng pheo eo re e biletsoang holimo ke Molimo, ka Jesu Kreste.” – Ba-Filipi 3:13-14

Kaofela ha rona ho na le moo e mong le e mong a bilelitseng teng, ‘me re tla kopana le menyako bophelong. E ka ba ka tšobotsi ea MENYETLA kapa LIQHOLOTSO. E ka ba lintho tseo re ka li amohelang, ra li aka, kapa tseo re tšabang le ho talimana le tsona…

Boipotso bo kang ba bo “Teng ha ekaba…?” – ( Teng ha ekaba ke tla hloleha?) Re ka fetoa ke menyetla ea bohlokoa bophelong hobane feela re na le letsoalo la ho etsa seo Moea oa Molimo o batlang re se etse. Tšabo eo e ka etsa h**e re hlolehe ho kena ka monyako oo re neng re o buletsoe!
Ho fokola ha tumelo – Qholotso ea ho se tšepe Molimo nakong ea mathata. Ho se tsebe hantle h**e na Molimo o fela a e-na le rona ho ka re sitisa ho etsa lintho. Re nahana ka bobe, mathata, le maemo a sa thabiseng ao re ka bang ho oona haeba Molimo a ke keng a re thusa, ebe rea tlohela, re inehela ho moea oa lefatše.
Ho se etse lintho ka nako – “Ke tla e bona hosane” – Ho emela nako e tlang empa u na le monyetla oa ho etsa ntho hona joale. Ho tseba se nepahetseng seo re lokelang ho se etsa, empa ebe ka lebaka la ho iphathahanya ka lintho tse ling, re re eo re tla ‘ne re e bone nakong e tlang. Hangata menyetla e meng ha hlole e ipheta, ha u sa tla ba le lekhetlo le hlahlamang!
Lihlong – Ho lumella liphoso tse fetileng – ekaba tsa hao kapa tsa batho ba bang – ho re sitisa ho ea fihla moo re reretsoeng teng. Haeba re kile ra hloleha kapa re tseba motho ea kileng a hloleha, re utloa eka le lekhetlong lena re ntse re tla hloleha hape! Hona ho atisa ho re etsa h**e re se hlole re leka lintho.
Phahamiso – Maemo a re lumellang ho sebelisa litsebo le bokhoni ba rona ho fetola maemo. Hona ho atisa ho etsahala ka tsela eo ho neng ho be kateng ho Moshe. Molimo o ne a botse Moshe h**e “U tšoere’ng letsohong la hao? hangata se hlokahalang ho arabela maemo a teng, Molimo o se a ntse a re neile sona, se sebelise.

Senotlolo sa ho kena ka monyako o mong le o mong ke ho etsa SEO JESU A RE ETSELITSENG SONA ntho ea bohlokoa ho feta eng kapa eng. Ho sa tsotellehe h**e na ho bonolo hakae kapa ho ba thata hakae, menyako e kapel’a rona e ka fetoha menyako e re fihlisang moo re reretsoeng teng ke Molimo. ‘Me Molimo o na le rōna o bile o itokiselitse ho re thusa tseleng.

Mokhotlong TEE Launch 03 February 2024
04/02/2024

Mokhotlong TEE Launch 03 February 2024

Lesotho TEE seminar, Qacha's Nek - 02 Dec 2023
04/12/2023

Lesotho TEE seminar, Qacha's Nek - 02 Dec 2023

21/07/2023

The Gospel IS good news - nothing more, nothing less!

Address

Next To New Millennium High School
Maseru
0100

Opening Hours

Monday 08:00 - 16:30
Tuesday 08:00 - 16:30
Wednesday 08:00 - 16:30
Thursday 08:00 - 16:30
Friday 08:00 - 16:30

Telephone

+26667220711

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Global Evangelism Ministries - GEM posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Contact The Place Of Worship

Send a message to Global Evangelism Ministries - GEM:

Share