Matshepo prayer room

Matshepo prayer room Re thusana ka ho rapellana le ho arolela lentsoe , ha re rekise letho rea bina kea leboha

08/06/2026

Rea u khumamela hoseng uena lehlomela la ntlo ea Davida,uena Modimo eo letsoho la hau le seng lekhutshoanyane ho ka pholosa

07/06/2026

Pslm 37;9
Ba etsang bokhopo ba tla fedisoa, empa ba tshepang morena lefatshe etlaba la bona. Amen

06/06/2026

Bafillip 4:13-14
Nka etsa tsohle ka christ a mphang matla, leha hole jwalo, le entse hantle le nthusitse tsietsing yaka.

05/06/2026

Baroma 15:33
Jwale Modimo ya refang kgotso , ake a be le lona bohle, ha hobe jwalo.
Amen

04/06/2026

Hona le Modimo leholimong eo lebitso la hae eleng Jehovah, ke eena ea re fang tshoarelo, ke eena ea re folisang, motshepe ke Modimo

03/06/2026

Ke lilemo u phela ka meokho, ka mahlomola, lefatshe la hau le omelletse ho seng hona aku buoe mantsoe ana, ntt Modimo nkimolle, mphomotse

02/06/2026

Pslm 20: 3-4
A ke a u thuse a le sehalalelong, a u tshehetse a sion ake a thabele linyehelo tsohle tsa hau, a thabele licheso tsa hau
Amen

01/06/2026

Ntt Modimo rea leboha hoseng hoa letsatsi lena re sa qala khoeli qala le rona morena re qala letsatsi qala le rona rea leboha Modimo oa leholimo

31/05/2026

Ya lutseng sephiring sa mookameli ea phahameng u phomola moriting oa ya matla ohle,
Re hloka ho phomotsoa ke uena christ

30/05/2026

Emong le emong o tla ema pela setulo sa kahlolo , ho tla phetloa buka, emong le emong o tla ahloloa ho latela mssebetsi ea hae,
Ntt re thuse!

Address

Ha Matala
Maseru

Telephone

+26659145720

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Matshepo prayer room posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share