Ba-bacha FORA

Ba-bacha FORA Contact information, map and directions, contact form, opening hours, services, ratings, photos, videos and announcements from Ba-bacha FORA, Church, Leribe.

08/06/2025

Ka Matlaaaaaaaaaaa✊

05/06/2025

Ya re lwanelang O moholo ho feta Hoya re lwantshang..Modimo o teng, wa phela

Haebe boroko maLECSA a matle
🙏❤️

05/06/2025

Moea o halalelang theoha o fetole lefatshe..... Lefatshe ha lesa thabaaaa le batho ba bolayana

🕯️🕯️🕯️🕯️🕯️

05/06/2025

SEFELA 60❤️🕯️

Tlo, Moea o Halalelang,
Moe'a 'nete, oa cheseho,
Kena li pelong tse batang,
Li tukisoe ka lerato.

U re etele, Mohloeki,
Ka lineo tse ho uena;
U romiloe ke 'Moloki
Ho tla re abela tsona.

Kajeno, u re thabise
Ka tšepo le ka tumelo;
Matl'a hao a re nchafetse
Pelo, moea , le kelello!

U hlahise ka ho rōna
Lerato, khotso, le mohau;
Re beisoe litholoana,
Tse loketseng bana ba hao.

Re be joale ka lifate
Tse hlomiloeng pel'a metsi,
Re nosetsoe, Moe'a Ntate,
Ka matsatsi le matsatsi.

05/06/2025

Big shout out to my newest top fans! Lefulesele Makhoebe, Evelyn Rankoro, Tee Gee, Nell Kananelo, Këh Kèh Tßœh, Tebatso Ariet Moshweshwe, Kåy Dåh Kîtty, It'syourgirl Cassy, Kæbzæ De ẞmæll, Thabisang Thabie, Spatlotlo P E Matli, Shezzy Sto, Jeanett Mahlomaholo, Bï Bøh Ls, Mmathebe A. Rams

04/06/2025

What is your favourite chorus?👏

04/06/2025

Sefela 307🕯️🙏

Motse oo re o hlolohetsoeng
Re se re o bona pejana;
Leha maranyan' a sa le teng
O se o hlahlile, oa khanya.
Monateng, kapele,
Re se re tla kopana bohle.

Ntate o re lebeletse teng,
Re lokiselitsoe litulo
Ana re tla finyella neneng
Monyakeng ola oa lerato?
Monateng, ...

Se soabeng! Re tsohe molota.
Leha r'e-shoa ke sekoboto!
Bonang, ha ho sa le sebaka,
Re habeng, e s'e le phomolo!
Monateng,...

Hare atamela haufi,
Re se re hloloa ke nyakallo
Re ea u opela mahofi,
Motse o motle oa Molimo.
Monateng, ...

yaka
ya rona bohle

04/06/2025

416. Jo, lefifi le lekaakang

Jo, lefifi le lekaakang,
Le aparetseng lefatshe!
Jo, botsho bo hlomodisang!
Le tla chaba neng letsatsi?

Naledi e ntle ya meso,
Hlaha, kgaola lefifi!
Re lebeletse ka tshepo
Ho ela ha mechaeli.

Oho, tsatsi la ho loka!
Ke nako, thuntsa mafube!
Chaba fatsheng la Afrika.
Fatshe la bomadimabe.

Hasa, hasa, phatlalatsa
Sedi la hao le molemo,
Phatsima, benya, phahama,
Tsatsi le letle la Ntate!

Fedisa riti tse dihlong,
Mekgoa, bosoro, le madi;
Ho lokollwe ba ditlamong,
Batho ba kgotsheng masoabi.

Diphahama di nyakalle
Ka wena, moathameleng;
Le dikgohlo di binele
Lesedi le di fihletseng.

Aparela nģalo tsohle
Ka kganya le ka mohau;
Kahohle ho utloahale;
Thoko tsa 'Moloki Jesu.

Good morning❤️🙏

03/06/2025

Thapelo eaka🕯️🧘‍♀️🙏

Ntate,
Nketse ea matsoho a hloekileng, lipuo tse hloekileng, le mehopolo e hloekileng

02/06/2025

Oh Mohau oa molimo ke koetsa e kakang, na esale o mphihlela ke maketse fela❤️🙌😥

01/06/2025

Amen🙏❤️

01/06/2025

Re bahlanka ba hao ba bo khabane re laele retla utloa Jesu🙏🙏

yaka
ya rona
ya rona bohle
❤️🌹❤️🌹❤️🌹❤️

Address

Leribe

Telephone

+26656384141

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Ba-bacha FORA posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share

Category